PINA EA 136
Moputso o Moholo o Tsoang ho Jehova
1. Jehova Molimo o bona bohle
Ba tšepahalang kamehla.
Oa tseba hore re ka lahleheloa
Ha re iteletse eena.
Jehova Ntate oa rona o tseba
Ntho tsohle tseo re li tetseng.
O tšepisa ho re hlo’nolofatsa
Le ho re putsa haholo.
(K’HORASE)
Jehova a u putse haholo
Ka lintho tsohle tseo u li entseng.
A u sireletse kamehla
Kaha ke Molimo ea tšepahalang.
2. Ka nako tse ling re ka iphumana
Re imetsoe ke bophelo.
Hape re imeloa ke mesebetsi
Le mathata tsatsi ka leng.
Molimo oa matšeliso o tseba
Ntho tsohle tseo re li hlokang.
O tla re tšelisa ka moea oa hae,
Metsoalle le Lentsoe la hae.
(K’HORASE)
Jehova a u putse haholo
Ka lintho tsohle tseo u li entseng.
A u sireletse kamehla
Kaha ke Molimo ea tšepahalang.
(Sheba le Baahl. 11:38-40; Esa. 41:10.)