PINA EA 141
Mpho ea Bophelo
E Hatisitsoeng
1. Ha pula e na, ha ngoan’a hlaha,
Ha letsatsi le chaba, ha re lema.
Tsena kaofela ke limpho tsa Jah.
Ke mehlolo e senolang tsela tsa hae.
(K’HORASE)
Kahoo, a re rateng Ntate oa rona,
Re bontše hore re mo leboha haholo.
’Mopi oa re rata. Re tla mo leboha
Ka mpho ea bophelo. Ke mpho ea bohlokoa.
2. Ho na le ba bang ba se nang tšepo
Ebile ha ba batle le ho phela.
Empa rona re rata Jehova.
Re tla mo leboha ka mpho ea bophelo.
(K’HORASE)
Kahoo, a re rateng batho kaofela.
Re etsise Molimo oa rona kamehla.
’Mopi oa re rata. Re tla mo leboha
Ka mpho ea bophelo. Ke mpho ea bohlokoa.
(Sheba le Jobo 2:9; Pes. 34:12; Moek. 8:15; Mat. 22:37-40; Bar. 6:23.)