PINA EA 148
Jehova ke Mopholosi
1. Jehova, u re bontšitse matla a hao.
Lintho tsohle tse teng
li entsoe ke uena.
Ha ho molimo ea ka u etsisang,
ha a eo.
U felisa lira.
(K’HORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla ’Ohle,
ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo, re bolela
Ka Jehova ea re pholosang.
Rea mo rata.
2. Le har’a mathata ke tšepile uena.
Ke kopa u nthuse,
Ak’u ’matlafatse
U be u ntšireletse
ka lerato kamehla.
U mpholose Ntate.
(K’HORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla ’Ohle,
ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo, re bolela
Ka Jehova ea re pholosang.
Rea mo rata.
3. Lentsoe la hao
le matla lea utloahala.
Lira tsohle tsa hao
Li tla thothomela.
Bahlanka ba hao bona
ba tla thaba kamehla.
Ruri oa pholosa.
(K’HORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla ’Ohle,
ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo, re bolela
Ka Jehova ea re pholosang.
Rea mo rata.
(Sheba le Pes. 18:1, 2; 144:1, 2.)