Lelapa
Jehova ke eena ea thehileng lelapa
Batsoali
Sheba “Batsoali”
Bo-ntate
Sheba “Bo-ntate”
Bo-’mè
Sheba “Bo-’mè”
Banna, Basali
Sheba “Lenyalo”
Bana
Jehova o lebeletse eng ho bana?
Ke hobane’ng ha bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ps 78:1-8—Baiseraele ba ile ba bolella bana ba bona lintho tseo baholo-holo ba bona ba li entseng ka mor’a hore Jehova a ba fe litaelo. Sena se ile sa ba thusa hore ba behe tšepo ea bona ho Jehova ’me e se ke ea e-ba marabele
Lu 2:51, 52—Le hoja Jesu e ne e le ngoana ea phethahetseng, o ile a lula a mamela batsoali ba hae ba sa phethahalang
Ke hobane’ng ha bana ba ka thatafalloa ke ho hlompha batsoali ba bona?
Molimo o ikutloa joang ka bana ba sa hlompheng batsoali ba bona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
De 21:18-21—Ho ea ka Molao oa Moshe haeba ngoana a ne a sa mamele batsoali ba hae ’me e e-ba lerabele, o ne a lokela ho bolaoa
2Ma 2:23, 24—Bashanyana ba bang ba ile ba bolaoa ka lebaka la ho soma moprofeta Elisha eo e neng e le moemeli oa Molimo
Batsoali ba lokela ho ikutloa joang ka tokelo eo ba nang le eona ea ho holisa bana?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Le 26:9—Baiseraele ba ne ba nka ho ba le bana e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova
Job 42:12, 13—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka bana ba bang ba leshome ka lebaka la botšepehi ba hae bo hlollang
Jehova o batla hore bana ba motho ba tšoarane joang?
Ke eng seo bana ba seng ba holile ba lokelang ho se etsetsa batsoali ba bona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 11:31, 32—Ha Abrahama a ne a tloha Ure, o ile a tsamaea le ntate oa hae Tera ’me a mo hlokomela ho fihlela a hlokahala
Mat 15:3-6—Jesu o ile a sebelisa Molao oa Moshe ho bontša hore bana ba holileng ba lokela ho hlokomela batsoali ba bona
Ba bohoeng le ba bohali
Sheba “Ba Bohoeng le ba Bohali”
Bo-nkhono le bo-ntate-moholo
Sheba “Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo”