Jesu Kreste
Jehova o sebelisa Jesu ka tsela efe ea bohlokoa hore a phethahatse merero ea hae?
Lik 4:12; 10:43; 2Ko 1:20; Baf 2:9, 10
Sheba le Pr 8:22, 23, 30, 31; Joh 1:10; Tše 3:14
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 16:13-17—Moapostola Petrose o ile a re Jesu ke Kreste Mora oa Molimo
Mat 17:1-9—Baapostola ba bararo ba ile ba bona pono ea ha Jesu e se e le Morena nakong e tlang ’me ba utloa ha Jehova a re Jesu ke Mora oa hae
Ke’ng e neng e etsa hore Jesu a se ke a tšoana le batho ba bang?
Joh 8:58; 14:9, 10; Kol 1:15-17; 1Pe 2:22
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 21:1-9—Ha Jesu a ne a kena Jerusalema a palame tonki, o ne a phethahatsa boprofeta bo mabapi le Morena oa ’Muso oa Molimo eo Jehova a mo khethileng
Heb 7:26-28—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamoo Jesu, Moprista ea Phahameng, a fapaneng kateng le baprista ba bang bohle ba phahameng
Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e re ruta’ng ka eena le ka Ntate oa hae?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 4:23, 24—Jesu o ile a bontša hore o matla ho feta bademona le hore a ka khona ho folisa batho ba kulang
Mat 14:15-21—Jesu o ile a etsa mohlolo ka hore a fepe batho ba likete ba lapileng ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli
Mat 17:24-27—Jesu o ile a patala lekhetho ka chelete eo a e fumaneng ka mohlolo e le hore a tšehetse borapeli ba ’nete le hore a se ke a khopisa batho
Mar 1:40, 41—Jesu o ile a hauhela monna ea neng a tšoeroe ke lepera eaba oa mo folisa. Taba ena e ne e bontša hore o batla ho folisa batho
Mar 4:36-41—Jesu o ile a etsa hore sefefo se emise, e leng se bontšang hore Ntate oa hae o mo file matla a ho laola boemo ba leholimo
Joh 11:11-15, 31-45—Jesu o ile a lla ha motsoalle oa hae Lazaro a ne a hlokahetse. Ka mor’a moo, o ile a mo tsosa e leng se bontšang hore o hloile lefu le bohloko bo bakoang ke lona
Molaetsa oa bohlokoa oo Jesu a neng a o ruta e ne e le ofe?
Jesu o ile a bontša makhabane afe ha a le lefatšeng? O ile a bontša hore . . .
O mosa—Mat 13:2; Mar 10:13-16; Lu 7:36-50
O utloela batho bohloko; o mohau—Mar 5:25-34; Lu 7:11-15
O sebete—Mat 4:2-11; Joh 2:13-17; 18:1-6
O ikokobelitse—Mat 11:29; 20:28; Joh 13:1-5; Baf 2:7, 8
O rata batho—Joh 13:1; 14:31; 15:13; 1Jo 3:16
Oa mamela—Lu 2:40, 51, 52; Heb 5:8
O bohlale—Mat 12:42; 13:54; Kol 2:3
Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ikemiselitse ho re shoela hona lefu la hae le re tsoela molemo joang?
Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela hore ebe Jesu Kreste ke Morena leholimong?
Ps 72:12-14; Dan 2:44; 7:13, 14; Tše 12:9, 10
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ps 45:2-7, 16, 17—Mantsoe a pesaleme ena a bontša hore Morena enoa ea khethiloeng ke Molimo o tla hlola lira tsohle tsa hae ’me a buse ka boikokobetso, ka ’nete le ka toka
Esa 11:1-10—Ha Jesu e se e le Morena, lefatše e tla ba paradeise ’me ho be le khotso