Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl leq. 32
  • Borapeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borapeli
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl leq. 32

Borapeli

Re lokela ho rapela mang?

Ex 34:14; De 5:8-10; Esa 42:8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 4:8-10—Jesu o ne a ikemiselitse ho rapela Jehova feela, ke kahoo a ileng a hana ho amohela mebuso ea lefatše eo Satane a neng a re a ka mo fa eona

    • Tše 19:9, 10—Lengeloi le ile la hana ha moapostola Johanne a ne a le rapela

Jehova o batla hore re mo rapele joang?

Joh 4:24; Jak 1:26, 27

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 1:10-17—Jehova ha aa amohele borapeli ba batho ba sa batleng ho mo mamela

    • Mat 15:1-11—Jesu o ile a bontša hore Jehova ha aa batle hore re mo rapele re latela meetlo ea rona empa o batla hore re mo rapele ho latela seo a re bolellang sona ka Bibeleng

Re lokela ho rapela Jehova re na le bo mang?

Heb 10:24, 25

Sheba le Ps 133:1-3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 2:40-42—Bakreste ba pele ba ne ba kopana hammoho hore ba rapele, ba khothatsane le hore ba ithute ka Jehova

    • 1Ko 14:26-40—Moapostola Pauluse o ile a re liboka tsa Bokreste li lokela ho hlophiseha e le hore ba tlileng ho tsona ba ka khothala le ho utloisisa seo ba se rutoang

Re lokela ho etsa’ng hore Jehova a amohele borapeli ba rona?

Mat 7:21-24; 1Jo 2:17; 5:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Heb 11:6—Moapostola Pauluse o ile a re re lokela ho ba le tumelo haeba re batla hore Jehova a amohele borapeli ba rona

    • Jak 2:14-17, 24-26—Ngoan’abo Jesu e leng Jakobo o ile a re re lokela ho bontša ka liketso hore re na le tumelo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela