KAROLO EA 2
Ho Tloha Mehleng ea Marena ho ea ho ea ha ho ne ho Tsosolosoa Jerusalema
Litlaleho tse hlahang karolong ena, li etsahetse nakong ea lilemo tse ka bang 600. Re tl’o qala ka mora oa Morena Saule e leng Jonathane ebe re bua ka Morena oa pele oa Iseraele ea neng a tšepahala e le kannete e leng Davida. Re tl’o qetella ka ho bua ka bahlanka ba bang ba Jehova ba phetseng nakong eo ka eona batho ba Jehova ba neng ba khutla botlamuoeng Babilona ’me ba tsosolosa Jerusalema. Re tl’o ithuta mehlaleng ea batho ba kang Abigaile, Nathane, Elia, Daniele, Esthere, Nehemia, le ba bang. Batho bana ba ne ba hloka sebete e le hore ba ka sebetsana le maemo a sa tšoaneng. Ka mohlala, ba bang ba ne ba lokela ho busa batho ba neng ba sa mamele Jehova, ba bang ba ne ba lokela ho lula ba tšepahala ha batho ba ba busang ba ne ba sa tšepahale, athe ba bang ba ne ba lokela ho thusa sechaba sa Molimo ha se ne se qala ho mo fetohela.