Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 5/1 leq. 24
  • Tšebeliso ea Kajeno ea Setšoantšo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeliso ea Kajeno ea Setšoantšo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 5/1 leq. 24

Tšebeliso ea Kajeno ea Setšoantšo

SETŠOANTŠO sa Jesu sa “ba bilelitsoeng lijong” se bolela kamoo ba neng ba memiloe ba ileng ba ipeela mabaka a ho se be teng, ba nyelisa ka lintho tse sa reng letho. Mehleng ea rona le leng la mabaka oona ao le ile la thibela molemi oa Norway hore a amohele ha a memeloa ho ithuta Bibele. Hoba a buleloe monyetla ona ka makhetlo a mangata, a ikopela hore a tšoareloe, a bolela hore o rekile lipholo tsa manamane tse robeli tse neng li tla hloka ho hlokomeloa ka nako eohle. Empa a bontšoa mantsoe a Jesu a setšoantšong se ho Luka 14:18, 19: “Empa bohle ba e-ba ntsoe le le leng ho itatola. . . . E mong a re: Ke rekile lipholo tse lekanang joko tse hlano, ’me ke sa ea li leka. Kea u rapela, u ntatole hantle.”

E, a makala molemi oa Norway, re se re sa bue letho ka hore a bone lebaka la hae le le ka Bibeleng. Likhoeli tse peli hamorao, o ile a khutla, a re: “Ke rekisitse lipholo, joale nka ithuta Bibele.” A phakisa a etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le metheo ea Bokreste. ’Me, ho ba le nako e ngatanyana ea ho sebeletsa Molimo, a ba a fihlela qeto ea ho rekisa therekere ea hae le thepa e ’ngoe ea masimo, ’me a etsa mosebetsi o mong.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela