Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 3-4
  • Ke Mang ea sa Batleng Matšeliso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea sa Batleng Matšeliso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jonathane ‘Monna a le Mong ho ba Sekete’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ba Kopane Tlas’a Letšoao la Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Jonathane “o Sebelitse le Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 3-4

Ke Mang ea sa Batleng Matšeliso?

KA NAKO e ’ngoe, re batla matšeliso le khothatso ka matla. Hona ho tsoaloa ke hobane bophelong lintho tse ka tlisang masoabi li ngata.

Batsoali ba ka ’na ba sebetsa ka thata ’me ba leka ho lokisetsa bana ba bona ka mokhoa o motle. Empa bara le barali ha ba hōla, mohlomong ba fetoha marabele le ho bakela ntate oa bona le ’mè mahlomola le matšoenyeho tse ke keng tsa hlalosoa.

Moo a sebetsang teng, monna a ka ’na a fetoha ea etselletsoeng le ea etsoang hampe. Ho sa tsotellehe botšepehi ba hae le masene, mohlomong a ke ke a phahamisoa kaha letsoalo la hae le sa mo lumelle ho kena lipolotiking. Lithoto li ka ba tsa mo bolella hore na a sebetse joang. Monna a ka ’na a nyonya ho ea mosebetsing, a ho fumana ho le thata ho mamella likhopiso tse ngata.

Motho e moholo ea mahlaha-hlaha a ka ’na a lulisoa fatše ke ho kula ho theolang kapa kotsi e holofatsang. Motho joale a ke ke a hlola a etsa lintho tse neng li mo thabisa haholo. Mohlomong a ka tlameha ho thethefatsa bohloko bo boholo ka lithethefatsi tse boima.

Hona ke mang har’a rōna ea e-song ho utloe masoabi a tebileng a tlang ka lefu la motsoalle e moholo kapa mong ka rōna? Mohlomong re ile ra ikutloa re feletsoe ke matla, re hlorile le ho tepella.

Maemong a joalo, re ka leba kae ho fumana matšeliso? Ruri ekaba khothatso ho fumana mohloli o ka re bolellang kamoo ba bang ba ileng ba sebetsana le mathata ana ka katleho le se ileng sa ba matlafatsa nakong ea mahloreho a bona. Bibele e etsa sona seo. E fana ka tlaleho e nepahetseng mabapi le se ileng sa oela batho ba itseng le hore na ba ile ba mamella joang liteko tsena ba sa halefe.

Re bala ka Morena Davida, eo mora oa hae Amnone a bileng molato oa peto ea khaitseli ea hae le eo mora oa hae Absalome a ileng a ameha polaong le leanong la ho inkela ’muso. Bophelong ba hae, Davida hape a mamella ho hobosoa pontšeng ke moholoane oa hae, a tlameha ho phela e le molahloa ka lilemo tse telele a ntse a tsongoa joaloka phoofolo ke Morena Saule ea mōna, a etselletsoa ka linako tsohle, eo moeletsi ea tšepahalang a ileng a fetoha moeki, ea ileng a kula ’me a felloa ke kelello.

Morena Salomone ea bohlale o ile a bolela linnete tse latelang tsa bophelo tse thata: “Peisong ea lebelo ha a siee ba bang ka mehla, ntoa hase ea liqhenqha ka mehla, bohobe hase joa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kelello ka mehla, le ho ratoa hase ha batsebi ka mehla; empa bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.” “Ke bone bafo ba palamang, le mahosana a tsamaeang ka maoto joale ka bafo.”—Moek. 9:11; 10:7.

Koana, hase banna bohle le basali ba boletsoeng ka Bibeleng ba ileng ba loana le mathata a tšoanang. Leha ho le joalo, ho tloha nakong eo ka eona bophelo ba Abele bo ileng ba felisoa ka sehlōhō ke ngoan’abo Kaine, batho ba tseba se boleloang ke ho lahleheloa ke moratuoa lefung. Abrahama o ile a llela lefu la mosali ea ratehang oa hae Sara. (Gen. 23:2) Ha Jakobo a e-shoa, “eaba Josefa o itihela holim’a sefahleho sa ntat’ae, a lla holim’a hae, a mo aka.” (Gen. 50:1) Davida a llela lefu la motsoalle oa hae Jonathane ka mantsoe ana: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoane’so: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali.”—2 Sam. 1:26.

Ho sa tsotellehe liphihlelo tse boima le mathata, Davida, Naomi, Anna, Abrahama, Josefa le ba bang ba bangata ba boleloang ka Bibeleng ha ba ka ba imeloa ke boikutlo ba masoabi. Ho tšepa ha bona Molimo ha ba matlafatsa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela