Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 6-8
  • Ho Phela Mefokolong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Mefokolong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Setho sa Lelapa se Kula
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Kula—Tšepo ke Efe ea ho Lopoloha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ha ho Kula ho se ho le Sieo!
    Tsoha!—2007
  • Tšepa Jehova, “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 6-8

Ho Phela Mefokolong

MORENA Davida o ne a kula haholo, ’me lira tsa hae li tšepile hore o tla shoa. Ha ba ntse ba lebelletse ka cheseho pontšo leha e le efe ea ho theoha boemong ba bophelo ba morena, ka boikaketsi baeti ba ne ba mo lakaletsa katleho. Kamorao ho moo ba ne ba nyakallela ho fetiseng pono ea bona e seng ntle ba e bolella ba bang. Ba ne ba ee ba re: “Lefu le lebe le ho eena; joale, o rapaletse, ha a sa tla hlola a tsoha.” Le eena motsoalle e moholo, moeletsi eo a neng a mo tšepa, Akitofele, a fetoha moeki.—Pes. 41:6-10.

Ke eng se ileng sa thusa Davida ho mamella nako ena ea mahlomola? Ha a ka ineella tšabong e bolaeang le ho felloa ke tšepo. Ho tšepa ha hae Molimo ho ile ha lula ho le matla, hobane o ile a re: “Jehova o tla mo tšehetsa [mohlanka oa hae], ha a le liphateng tsa boloetse; u lokisa malao a hae kaofela bohlokong ba hae.” (Pes. 41:3) Davida o ile a qetella a hlaphohetsoe boloetseng ba hae.

Empa Ea holimo-limo o tšehetsa mohlanka oa Hae ea mahlomoleng joang? Ka moea oa hae, Jehova Molimo o hopotsa ea kulang lintho tse tšelisang tse tiisang tšepo. Seo Molimo o se etsang ntlheng ena se nka karolo ea bohlokoa ho hlaphoheloeng. Kahoo, Davida o ne a ka re Jehova o ala liphate tsa ea mahlomoleng, a o fetola moalo oa ho hlaphoheloa.

Hoa hlokomeleha hore lingaka tsa kajeno li hlokomela bohlokoa ba tšepo ho hlaphoheloeng boloetseng. Ka mohlala, bukeng ea hae The Vital Balance, Dr. Karl Menninger o ngolile: “Tsebo ea rōna ea hona joale ea bohlale bo tebileng ha e-ea lekana ho hlokomela kapa ho khetholla kapa ho abela ka tšoanelo matla kaofela a sebetsang bakeng sa ho hlaphoheloa joalokaha hose seo re se tsebang tabeng leha e le efe e sebetsang khahlanong le mosebetsi oa rōna. ’Me hona rea ho tseba, ka nako e ’ngoe tšepo e ee e hlōlehe, ’me lefu le nke khato, ha ka nako e ’ngoe tšepo e mamella, ’me ho etsahale ho neng ho sa lebelloa.”

Mabapi le phello e bohloko ea ho hloka tšepo le tšabo, The Encyclopedia Americana e re: “Ho sebetsa ha tšabo kelellong, haeba ho sa lokisoe, hangata ho fella ka liphello tse tebileng ka ho fetisisa, haholo moo ho kula ho leng teng kapa ho kula ho ka ’nang ha e-ba teng. Ho batho ba bangata tšusumetso ea tšabo e tebile haholo ka boeona phellong ea eona ho feta boloetse leha e le bofe bo bong bo sisimosang. Maloetseng a seoa letsoalo leo a le kenyang hangata le bolaea joalo ka boloetse ka bobona—ho bolaea tšebetso, le amoha ’mele ho sebetsa ha oona ka bolokolohi, le kelello ea tlhasenyana ea tšepo, le bolaea bao, ka lilemo le matla ba neng ba e-na le monyetla o molemohali oa hore ba ka pholoha. Tšabo ke chefu ea kelello, le khanyetso e fetang tsohle ea ho loantša ho kula kapa meriana.”

Motho ea nang le tumelo e sa sisinyeheng ho Molimo le lipallo tsa Lentsoe la hae o sireletsoa ho ineeleng tšabong ena e bolaeang. O tšelisoa ke ’nete ea hore mahlomola leha e le afe a tla qetella a fihlile qetellong ea oona. Le haeba qetello eo e ipakahatsa e le lefu, ha a imeloe ke tšabo, hobane pallo ea Molimo ea tsoho bafung e-ea mo tiisa. Ha a ntse a tepeletse, o ipiletsa ho Jehova Molimo bakeng sa thuso ea ho mamella. ’Me moea oa Molimo kapa matla a sebetsang a fana ka matla a hlokahalang. Ho phaella moo, ea kulang o lebella ka tšepo ho phethahatsoeng ha pallo ea Bibele: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:4.

Tšepo e phahamisoang ke pallo ena e khōlō e ka thusa motho ho ba le pono e thabileng har’a ho tepella ho hoholo ho hlahisoang ke ho kula kapa kotsi. Nka taba ea Robert ea lilemo li 43 ea neng a tšoeroe ke kankere mokokotlong. Lingaka tsa mo bolella hore o saletsoe ke beke feela a phela. Empa likhoeli tse ’ne hamorao, ho sa tsotellehe ho kula ha hae, a lokisetsa ho ba teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova. Ha a ntse a rapaletse liphateng, a tseba ho mamela likarolo tse ’maloa tsa kopano. Litsebi tsa bongaka li sitoa ho lumela hore o ne a ka ba moeeng oa thabo e kaalo. Robert o ne a ee a re, ‘Tšepo ea taolo e ncha e tšepisitsoeng ke Jehova e mpolokile ke tsoela pele.’ Le eena a phehella ho rapela, a ipiletsa ho Ea Holimo-limo bakeng sa matla a ho mamella.

Pallo eona eo e ile ea fetola bophelo ba Yuko, mosali e mocha oa Japane. Ha a le lilemo li 31, o ile a tšoaroa ke Kogenbyo, bohloko bo thatafatsang letlalo, bo etsa hore ’mele oa motho o satalle, ’me bo iketlele ho bolaea motho ha bo ntse bo tlala ’mele. Ka lekhetlo la pele letsoho la hae le letona la satalla ’me menoana ea kobehela ka ntle. Kaha ha ho tsejoe hore na le phekoloa ka eng, Yuko a nyahama haholo, haholo ha a hopola ka bokamoso ba bana ba hae ba bararo. Ha ntse a le sepetlele, a fokola haholo maling, ’me litšutšu tsa molomo oa hae le selelu tsa satalla hoo a neng a ke ke a hlola a bua ka bolokolohi. Ha hlokahala hore Yuko a fepuoe lijo tse metsi.

Empa ha etsahala joang hoba a ithute Bibele? A tšeliseha haholo ke ho ithuta ka taolo e ncha ea Jehova eo ho eona batho ba ke keng ba kula kapa ba shoa hape. Yuko o re: “Ka lekhetlo la pele ke ne ke fumane tšepo ea ’nete. Ka qetella ke e-na le takatso e matla ea hore ke bolele seo ke se lumelang ho ba bang ba boemong bona boo, e le hore le bona ba ka ithuta ho tlohella lintho tsohle matsohong a Jehova. E tšohile ke phokolo ea ka ea mali, ngaka e ne e sa rate hore nka tsoela kantle ka chabeloa ke letsatsi. Empa ka ikutloa ke tlamehile ho abelana le ba bang seo ke ithutileng sona. Phello e bile efe? Ha ke sa na bothata ba letho ba phokolo ea ho haelloa ke mali. Ho tsoela ha ka ka ntle ho ea bolella ba bang ka Bibele ha mpha takatso e ntle ea lijo hoo ke ileng ka atleha ’meleng. Hape, litšutšu tsa molomo oa ka tsa qala ho tsamaea ka bolokolohi. Ha e nahana ka tsoelopele ea mohlolo boemong ba bophelo ba ka, ngaka e sisinya hlooho feela ke ho makala, e sa utloisise hore na ke eng se ka tlisang phetoho e joalo.”

Phetoho e joalo e ile ea fihleloa ke mohlankana ea neng a shoele karolo e ’ngoe ea ’mele oa hae, eo nako ea hae a neng a e lula setulong se nang le mabili ntlong ea booki. Ka letsoho le leng, o ne a tsamaisa setulo sa hae, a se isa pele le morao, ka letsohong le letona le ka ho le letšehali. A feletsoe ke tšepo eohle, o ne a lebelletse la ho shoa. Kamorao ho nako a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova, leha ho le joalo, monna enoa a qala ho thahasella bophelo haholo. A etsa boiteko ba hore a itšoarelletse ka thepa ea ntlo. Kamorao ho nako a itloaetsa ho tsamaea ka lebili le thusang ho tsamaea. Ho fapana le hore a ’ne a lule ntlong ea booki, a ea ntlong eo e leng ea hae, a qala ho iphehela le ho hloekisa ntlo ea hae. Ho fapana le ho lula a lebelletse la ho shoa, mohlankana enoa a qala ho lebella ho phethahala ha pallo ea Bibele mabapi le lefatše le se nang ho kula.

Kahoo ho tla fihlela le mehleng ea rōna, molaetsa oa Bibele o fane ka matšeliso le khothatso ho ba tsofetseng, ba holofetseng le ba mahlomoleng ka baka la likotsi kapa ho kula. Ka ho ithuta ho itšetleha ka Jehova Molimo bakeng sa matla le hore tšepo eo a fanang ka eona ba e fetole ea bona, batho bana ba tsebile ho mamella maima a maholo. Hona ke bopaki bo botle hakaakang ba hore Bibele ke mohloli o sa hlōleheng oa matšeliso!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela