Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/15 leq. 11
  • Boraro-bo-bong—bo Tsoa Mohloling Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boraro-bo-bong—bo Tsoa Mohloling Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/15 leq. 11

Boraro-bo-bong—bo Tsoa Mohloling Ofe?

Thuto e khōlō ea likereke tse ngata tsa Bojakane ke thuto ea Boraro-bo-bong, kopano le tekano ea Ntate, Mora (Lentsoe kapa Logos) le moea o halalelang. Ba itšoarelletseng ka eona ba mehleng ea kajeno ba atisa ho bolela hore e theiloe Mangolong le hore kahoo ke thuto ea Bokreste e qalileng nakong ea pele ea pale ea kereke.

Leha ho le joalo, Alvan Lamson, D.D., o ile a hlahloba bopaki ba sena ’me haholo-holo hore na ebe Justin Martyr le bangoli ba bang ba pele ba ile ba amohela le ho ruta thuto eo. Dr. Lamson a hlokomela:

“Bakeng sa tšimoloho ea thuto ea Logos le litšobotsi tse e khethollang, joalokaha li boleloa ke bo-Ntate ba rutehileng ba makholo a lilemo la bobeli le la boraro, ha rea tšoanela ho sheba Mangolo a Sejode, kapa lithutong tsa Jesu le baapostola ba hae, empa ho Philo [mohlalefi oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo C.E.] le Maplato a Alexandria. Tumellanong le pono ena, re nka hore thuto ea Boraro-bo-bong e ile ea qaptjoa ka mokhoa o iketlileng le o moraro-rao haholo; hore ho qaleha ha eona ho bile mohloling oo ho hang o sa tsejoeng Mangolong a Sejode le a Bokreste; hore e ile ea hōla, ’me ea khomeletsoa Bokresteng, ka matsoho a bo-Ntate ba Maplato; hore mehleng ea Justin [c. 100-165 C.E.], le khale kamorao ho moo, sebopeho se khethollehileng le bonyenyane ba Mora li ne li rutoa bokahohleng; le hore seritinyana sa pele sa Boraro-bo-bong e ne e le hona se bonahalang.”—The Church of the First Three Centuries, leq. 34.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela