Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/15 leq. 28
  • Pholoho e Itšetlehile ka Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pholoho e Itšetlehile ka Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 19—Lipesaleme
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Boka Jehova”—Hobane’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Molimo o Thabileng, Batho ba Thabileng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Bobeli ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/15 leq. 28

Lipesaleme

Pholoho e Itšetlehile ka Molimo

HA HO bapisoa le baahi ba lefatše, batho ba Molimo ba ’nile ba e-ba ’maloa. Leha ho le joalo nako le nako ba hlouoa haholo. Ntle ho tšireletso ea bomolimo, ka baka leo, ba ne ba ke ke ba pholoha.

Mopesaleme Davida o ne a kholisehile ka sena. Ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa hae, o itse: “Hola e se be Jehova ea re loanetseng, Iseraele a ke a rialo! hola e se be Jehova ea re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela, ba ka be ba re hohlomelitse re ntse re utloa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang: mehleng eo, metsi a ka be a re khurumelitse, ’me liphororo li ka be li fetile holim’a meea ea rōna.” (Pes. 124:1-5) Hoja Jehova a se ke a phallela batho ba hae, timetso eo lira tsa bona li ka beng li ba tliselitse eona e ne e tla tšoana le lefatše ha le ngamoha nakong ea tšisinyeho ea lefatše ’me le metsa e mong le e mong ea phelang sebakeng se amehang. Hape e ne e ka tšoana le liphello tsa moroallo o moholo o haolang o hohola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea oona. Maqhubu a ikhohomosang, a phahameng a ka be a kopetse Baiseraele ka ho feletseng.

Ha ho talingoa kotsi, ruri ho teng lebaka le utloahalang la ho leboha Ea Holimolimo ka thuso ea hae. Ka ho loketseng, mopesaleme o tsoela pele ka polelo ea teboho lebitsong la Baiseraele: “Ho rorisoe Jehova ea sa kang a re neela ho rusolloa ke meno a bona! Moea oa rōna o phonyohile joale ka nonyana lerabeng la motšoasi; leraba le ne le khaohe, ra phonyoha. Thuso ea rōna e lebitsong la Jehova, ea entseng maholimo le lefatše.”—Pes. 124:6-8.

Sera, ho tšoana le sebata se rusollang, se ne se batla ho harola Baiseraele. Empa Jehova a se ke a lumella hoo. Baiseraele ba ne ba tšoana le nonyana e tšoasitsoeng lerabeng. Joale, ka tšohanyetso, Jehova a fana ka tsela ea ho tsoa. Kannete, batho ba Molimo ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho sheba lebitsong la Jehova bakeng sa thuso, ke hore, ho motho ea emeloang ke lebitso leo. Enoa ha ho mohla a tla soetsa batho ba hae, hobane ke ’Mōpi ea Matla ’ohle.

Ha ba le mathateng a maholo, bahlanka ba Molimo kajeno ba ka tšelisoa ke mantsoe a pesaleme ena. Ho ka ’na ha bonahala eka ba tla timela kaofela ha bona lefatšeng. Empa Jehova Molimo ha ho mohla a tla lumella sera hore se felise batho ba hae. Ruri pholoho e tla tla.

“Mang le mang ea lumelang ho eena ha a ka ke a soaba.”—Ba-Roma 10:11.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela