Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/15 leq. 32
  • Lentsoe la Molimo le na le Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Molimo le na le Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/15 leq. 32

Lentsoe la Molimo le na le Matla

Bibele e ka ba le liphello tse molemo bophelong ba hao. E entse joalo tabeng ea Dionisio, ea phelang lithabeng tsa Panama e bohareng.

Ka 1973, Dionisio a utloela hore ho na le batho ba bang ba bolelang Bibele sebakeng sa habo ’me a ba batla. A fumana sehlopha sa Lipaki tsa Jehova tse tsoang phuthehong e hole. Ho baboleli bana ba ’Muso a fumana libuka tse sa tšoaneng, ho akarelletsa bukana e reng “Kemiso ea Lipolelo,” pokello ea lintlha tsa Bibele le mangolo a buang ka taba.

Ha Dionisio a ntse a sebelisa bukana ena haholoanyane ’me a ntse a sheba mangolo a thathamisitsoeng ho eona, a ’na a thahasella molaetsa oa Bibele haholoanyane. Ha e le hantle, a qala ho sebelisa bukana hore a fane ka “lipolelo” ho litho tsa lelapa le bahaelani. Kapele a be a tsamaisa thuto ea Bibele le mohaelani e mong le lelapa la hae, a sebelisa “Kemiso ea Lipolelo” feela le Mangolo.

Ka lekhetlo le leng, ’moleli oa sebaka seo a memela Dionisio hore a ee le eena ha a etela le ho “phekola” motho ea kulang. Pele, ’moleli a tšela motho ea kulang ka oli. Eaba o kōpa Dionisio hore a fane ka puo, eo a ileng a fana ka eona ka thuso ea “Kemiso ea Lipolelo.” Koana, motho ea kulang ha a ka a phekoleha hona hoo, ’me hona ha etsa hore Dionisio a inahane ka matla ka phapang pakeng tsa lithuto tsa lihlopha le tseo tsa Bibele.

Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Dionisio a tsoela pele moeeng, ’me Lipaki tsa mo thusa nako le nako ha li khutlela sebakeng seo. A nyala mosali eo a neng a ntse a phela le eena, ’me mosali le eena a qala ho ithuta Bibele le monna. Kamor’a nako, o ne a itokisetsa kolobetso tšoantšetsong ea boineelo ho Jehova Molimo. Dionisio eena ho thoe’ng ka eena? Lentsoe la Molimo ruri le bile le matla bophelong ba hae, ’me hona joale o sebeletsa Jehova a thabile le Lipaki tse ling phuthehong e nyenyane ea moo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela