’Nete e Tlisa Tokoloho” le Thabo
’Nete ea Bibele e fella ka tokoloho ea moea le thabo e khōlō. Ruri ho bile joalo tabeng ea monna e mong ea bitsoang Carlos, moahi oa Portugal.
Morao koana ka 1968, Carlos a sebelisa mekhoa e tobileng le ea bolotsana ho nyahamisa mosali oa hae, Olga, hore a ka ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Qetellong, mosali a khaotsa ho Ithuta, empa a ’na a lumela seo a ithutileng sona Mangolong.
Ka letsatsi le leng kamor’a hore ba fallele sebakeng se secha, mora oa bona ea lilemo li tharo a bolela hore Paki eo ba ahisaneng le eona e ne e ba etetse. Ka mohlolo, Carlos a re Olga a memele enoa eo ba ahisaneng le eena lapeng ha bona. Paki le mosali oa eona ea tla ’me ba qeta lihora tse tharo ba arabela lipotso tsa Mangolo. Ba lokisetsa hore ba tla khutla bakeng sa thuto ea Bibele bekeng e tlang ’me ba sia buka ea thuso ea ho ithuta Bibele e khōlō “’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng.” Nakong eo Lipaki II khutlang bakeng sa thuto, Carlos o ne a qetile ho bala buka. Likhoeli tse peli kamor’a ho qala ho ithuta, a kōpa hore a ee libokeng tsa Bokreste. Lipaki (tse neng Ii le tlasa thibelo ka nako eo Portugal) Ii ne li tsila-tsila ka baka leo, kaha Carlos e ne e le moemeli oa lekunutu oa sepolesa sa sekhukhu. Empa ha se ke ha e-ba le khathatso ea letho.
Ka 1972, Carlos a ngola ka makhetlo a mabeli a kōpa hore a lokolloe sepoleseng sa sekhukhu ’me qetellong a lokolloa. Joale ha tla bofetoheli ba ’Mesa 1974. Ka la 30 ’Mesa, masole a robong a mo lebela ho ea teronkong, moo a ileng a qeta matsatsi a supileng. Ho ea ka molao o mocha, bohle bao e neng e le baemeli ba sepolesa sa sekhukhu sa ‘muso o fetelleng ba tla qosoa le ho kenngoa litlamong, ho se mohau oa letho. Kahoo, ka la 10 Phupu, 1979, Carlos a tla nyeoeng ka pel’a lekhotla la sesole. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele ho lle ha bontšoa hore o itokolotse sepoleseng sa sekhukhu lilemong tse fetileng le hore e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho makaleng ha bohle, Carlos a lokolloa.
Carlos, ea neng a ikemetse e le Mokreste ea sa nkeng lehlakore, hona joale ke molebeli phuthehong ea sebaka seo. (Joh. 15:19) Eena le mosali oa hae, mora le mohoehali, o sebeletsa Jehova ka thabo, a leboha ’nete e lokollang motho.—Joh. 8:32.