Bakreste ba Cuba ba Mamella ka Botšepehi
MATHOASONG a 1980 babalehi ba Cuba ba fetang 100 000 ba ile ba kena Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Har’a bona ho ne ho le teng Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 000, bao bongata ba bona ba ileng ba tlameha ho baleha Cuba ka baka la khahlapetso. Hobane’ng?
Ke karolo ea mahloriso a bolumeli ao ba bileng har’a oona Cuba. Lipaki tsa Jehova 11 buella ’muso oa Molimo ’me li o bolela hore ke oona tšepo feela bakeng sa ho rarolla mathata a batho, joalokaha Jesu Kreste a laetse. (Matt. 24:14; 28:19, 20) ’Muso oa Cuba ha o ho rate, ka baka leo o thatafaletsa Lipaki bophelo. Empa ho sa tsotellehe mahloriso a bobatana, Bakreste ba Cuba ba mamella ka botšepehi.
’Malehi e mong oa Paki o bolela ha a ile a hlobolisoa hore a sale a le feela, a thatelloa ka terata e meutloa ’me a siuoa ka holim’a ntlo hore a jeoe ke menoang. Ha monoang o loma, o ne a nyaroha ’meleng, a taboha linama. O ne a na le matšoao a mangata a mo hopotsang ketsahalo. Ba bang ba ne ba kenngoa ka mekoting e tletseng mantle a batho, ’me ba bolokoa ka matsatsi moo ho se lijo.
Mosali ea lilemo li 89, ea ntseng a le Cuba, e bile ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng ka lilemo tse 40. A se a khokhopame, o tsamaea ka lere la hae, ntle ho tšabo a bolella bohle bao a kopanang le bona ka ’muso oa Molimo. Bahlanka ba ’muso ba apereng seaparo ba ’nile ba mo soma, ba re: “Mosali moholo, ebe ha u tsebe hore u ka kenngoa litlamong ka baka la seo u se etsang?”
O arabela a sa tšabe letho: “Ke se ke tsofetse haholo hona joale, ha ke sa na molemo oa letho teronkong.” Joale ba mo tlohela, ’me o tsoela pele ho bolela pepenene literateng.
Bacha le bona ba mamella liteko tsa tumelo ea bona ka botšepehi. Babalehi ba bolela ka mocha e mong oa Cuba ea sa tsoa qala ho kena sekolo. A kōpjoa ke tichere ea hae hore a roale tuku ea molala e nang le letšoao le likhutlo li tharo. E roaloa Cuba ho bontša ho tšehetsa ’Muso. Mocha oa Paki, a hlalosetsa tichere hore a ke ke a roala letšoao le joalo la bopolotiki kaha o rapela Jehova Molimo.
Tichere ea leka ho kholisa moshemane hore a roale tuku ea molala, empa ea hlōleha. Ka ho teneha, a ea tseleng ’me a bitsa lepolesa, a le kōpa hore na le ka phehella mocha hore a fetole maikutlo a hae. Lepolesa lena la ntša sethunya sa lona ’me la se supa hlohong ea moshemane, le mo bolella hore a roale—ho seng joalo. Kamor’a metsotso e seng mekae, moshemane a phahamisa hloho ’me a botsa: “Ha u thunye ke’ng, hobane nke ke ka e roala?” Ke ho makala, lepolesa la tsoa.
Ntle ho ho kenya Lipaki tse ngata literonkong le likampong tsa mahloriso, ’muso o thibetse ho abjoa ha libuka tsa Bibele, ho akarelletsa le eona Bibele. ’Malehi e mong o bolela hore ho ne ho le teng Bibele e le ’ngoe ea New World Translation toropong moo a neng a lula teng. E ne e cheketsoe sebakeng se seng se tsejoang ke Lipaki feela. Toropong ena, ha ho fumanoa buka ea Bibele, bana ba tlase lilemong hoo ba leng lilemo li robong ba ngola buka ka letsoho. Ka tsela eo le ba banyenyane haholo ba ithuta Iinnete tsa Bibele ka baka la ho ngola haholo ka mokhoa ona.
E mong oa babalehi o pheta kamoo a ileng a fumana buka “Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho bona” e le bosiu. O bile le eona ho fihlela hoseng ka letsatsi le hlahlamang pele Paki e ’ngoe e tla ho tla e lata. Ka nako eo e ne e qetile ho e bala, ’me a ngotse ho hong ka eona. Ka tsela ena ba bang motseng ba ne ba ka thusoa ka taba ea eona. Ho mamela ’malehi a bolela phihlelo ena, Paki e tsoang Miami ea re: “Ka linako tse ling ha re bontše kananelo bakeng sa linnete tsa Bibele e kang e bontšoang ke baena bana.”
Likhoeling tse ngata tse fetileng Lipaki tsena tsohle tsa babalehi li ’nile tsa hlophisoa, ’me hona joale li na le libaka moo li lulang. Lipaki tse ngata Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika li butse matlo a tsona bakeng sa Bakreste bana bahabo tsona bao ho seng mohla ba kileng ba ba bona—ruri ke pontšo ea lerato leo Kreste a Itseng le tla khetholla barutuoa ba hae ba ’nete.
Baokameli ba kampo ea babalehi ba hlokometse phapang pakeng tsa Lipaki le babalehi ba bang. Ha baokameli ba kampo e Miami e hlomiloeng Orange Bowl ba botsoa hore na ba hlokometse hore Lipaki li teng ka kampong, ba arabela: “E hlile! Ke batho ba itšoereng hantle haholo mona.”
Ruri, tumelo ea Lipaki tsa Cuba ke tšusumetso ho baena ba bona hohle. Re ka lebella ho bala ho hongatanyana ka mamello ea bona ka botšepehi.