Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/1 leq. 30
  • Ke ka Baka La’ng re Laola Leleme la Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ka Baka La’ng re Laola Leleme la Rona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Leleme ka Bohlale
    Tsoha!—2010
  • Bontša Lerato le Tlhompho ka ho Laola Leleme la Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • ‘Molomo oa ’Nete o Tla ba Teng ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/1 leq. 30

Ke ka Baka La’ng re Laola Leleme la Rona

Na u tseba motho ea buang haholo? Liproverbia 10:19 e re nea lebaka la ho ikalosa tabeng ena. E re: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.”

Moen’abo Jesu Jakobo o tiisa hore ho hlokahala hore motho a itlhokomele hore a se khopise ka leleme, hobane ho hloleha ho laola leleme ho ka etsa hore borapeli ba motho e be lefeela. (Jak. 1:26) Ha ho motho lea mong har’a rona ea ka tsebang ho laola leleme ka ho phethahetseng, empa ’nete ke hore re ka ntlafatsa ho sena.—Jak. 3:2-8.

Hona ha ho bolele hore re fetohe limumu, re se kopanele moqoqong. Empa hobane’ng ha re sa itlhahlobe? Hlahloba cheseho ea hao ho se hokae. Mohlomong moqoqong oa sehlopha, u ikutloa u chesehela ho akhela lentsoe tabeng e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang. Moqoqong o akarelletsang litaba tse sa tšoaneng tsa bophelo, na u iphumana u chesehela ho bua ho itseng ho feta ba bang sehlopheng? Haeba ho joalo, mohlomong ho nahana ka ho teba ka Liproverbia 10:19 ho ka u thusa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela