Ho Phethahala ha Lentsoe la Molimo ho Tiile
Jehova Molimo a re ho Abrahama: “Ha e le bakeng sa Ishmaele, ke u utloile: Bona, ke mo tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise, ke mo ngatafatse haholo; o tla tsoala marena a leshome le metso e ’meli, ’me ke tla mo etsa sechaba se seholo.” (Gen. 17:20) Mora oa Abrahama Ishamele ka nako eo o ne a ka ba lilemo li 13. (Gen. 16:16; 17:1) Ha ho motho ea neng a ka bolela ka nako eo pele ho nako hore moshemane eo ea monyenyane e ne e ka ba ntate oa marena a 12. Empa ’Mōpi ea bohlale bohle o ile a ho etsa. Mehloli e ’meli ea histori e bolokile ho phethahala ha tšenolo ena ea bomolimo, li thathamisa marena a latelang a 12: Nebajothe, Kedare, Abdeele, Mibsame, Mishma, Duma, Masa, Hadade, Thema, Jethure, Nafishe le Kedma. (Gen. 25:13-15; 1 Likron. 1:29-31) Hona ho tiisa ka matla hakaakang bonnete ba ho Phethahala ha lentsoe la boprofeta la Molimo.