Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/1 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boraro-bo-bong
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Thoe’ng ka “Litemana Tse Pakang” Boraro-bo-bong?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • ‘Ho Fumana Tsebo ka Molimo le Jesu’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Lebitso Jehova, le Lokela ho Hlaha Testamenteng e Ncha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/1 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ke hobane’ng ha liphetolelo tse ling tsa Bibele li ngola Tite 2:13 joalokaha eka e bua ka motho a le mong feela, Jesu, e mo bitsa Molimo le ’Moloki?

Ho New World Translation Tite 2:13 e baleha tjena: ‘Re ntse re emetse tšepo e thabileng le ho hlaha ho khanyang ha Molimo o moholo le ha ’Moloki oa rōna, Kreste Jesu.’

Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ba Bibele ba ngotse karolo e qetellang ea temana joalokaha eka e bolela motho a le mong feela, Jesu. Ka mohlala, Bibele ea Sesotho e re: “ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste ’Moloki oa rōna.” Bafetoleli ba joalo ba bolela hangata hore ho ngola ka tsela ena ho lumellana le “molao” oa ho ngoloa ha puo ea Segerike. Empa thuto ea Boraro-bo-bong le eona e ba sekamisetsa phetolelong e joalo.

Phetolelo ea sebele ea temana ea Segerike e re, “khanya ea Molimo o moholo le ’moloki oa rōna Kreste Jesu.” (The Interlinear Greek-English New Testament, ea Dr. Alfred Marshall) Hlokomela hore ho teng lentsoe le le leng le hlahlollang (ka Senyesemaneng, “the”) le etellang pele mareo a mabeli (Molimo, ’Moloki) a kopanngoang ke sekopanyi “le”.

Lilemong tse felileng tse fetang lekholo, Granville Sharp o ile a qapa seo ho nahanoang hore ke “molao” o sebetsang lipolelong tse joalo. O hlahisa hore, kaha lentsoe le hlalosang (ka Senyesemane, “the”) ha lea phetoa pele ho lereo la bobeli, (’Moloki), mareo ka bobeli a bua ka motho a le mong kapa taba. Hona ho tla bolela hore “Molimo o moholo” le “’Moloki” a hlalosa Jesu, joalokaha eka tlhaloso ke ea ‘Jesu Kreste, Molimo o moholo le ’Moloki oa rōna.’

Batho ba sekametseng ho lumeleng bomolimong ba Jesu ka linako tse ling ba fana ka maikutlo a hore boemo bo ka holimo bo hlokoa ke molao o loketseng oa ho ngola puo ea Segerike. Empa ha ho joalo. Ha e le hantle, bonnete ba “molao” o sebelisoang ho Tite bo ’nile ba buisanoa haholo ke liithuti.

Ka mohlala, Dr. Henry Alford (The Greek Testament, Moq. III) o re: “Ha ho ea hanyetsang hore ho ka bolela seo ba se hlalositseng ka eona” hore ea se bolela, empa o phaella ka hore ho hlokahala hore motho a itekanyetse hore ‘na mantsoe a hlile a bolela eng.’ ’Me hoo ho ke ke ha rarolloa ka melao ea ho ngoloa ha puo.

A Grammar of New Testament Greek (Moulton-Turner, 1963) e re ka Tite 2:13: ‘Ho pheta-phetoa ha lentsoe le hlalosang (Senyesemaneng, “the”) e ne e se ho hlokahalang hakaalo-kaalo ho tiisa hore ho nkoa lintho li arohane.’ Ho thoeng, leha ho le joalo ka ‘molao oa Sharp’? Dr. Nigel Turner oa lumela: “Ka bomalimabe, nakong ena ea Segerike re ke ke ra tiisa hore molao o joalo o hlile o khaola khang.” (Grammatical Insights into the New Testament, 1965) Ka kaheho ea mantsoe ea Segerike e sebelisitsoeng, Moprofesa Alexander Buttman o supa hore: ‘Mohlomong ho ke ke ha etsahala, leha e le lingoliloeng tse sa amaneng le bolumeli kapa Testamente e Ncha, ho theohela melaong e thata-thata e sa khetholleng, . . .”—A Grammar of the New Testament Greek.

Ho The Expositor’s Greek Testament, Dr. N. J. D. White oa hlokomela: “Khang ea mokhoa oa ho ngoloa ha puo . . . e fokola haholo ho jara matla a maholo, haholo ha re nahanela e seng feela ho hlokomolohuoa ho akaretsang ha lentsoe le hlalosang ‘the’ mangolong ana empa ho siuoa ha lona pele ho” ‘’Moloki’ ho 1 Timothea 1:1; 4:10. ’Me Dr. Alford o tiisa hore litemaneng tse ling moo Pauluse a sebelisang lipolelo tse kang “Molimo, ’Moloki oa rōna” ho hang ha a bolele Jesu, hobane “Ntate le Mora ba hlile ba khetholloa ka ho hlakileng e mong ho e mong.” (1 Tim. 1:1; 2:3-5) Hona ho lumellana le thuto eohle ea Bibele hore Jesu ke Mora ea bōpiloeng ea sa lekaneng le Ntat’ae.—Joh. 14:28; 1 Ba-Kor. 11:3.

Kahoo, Dr. White o phetha ka hore: ‘Kakaretsong, he, re emela ho ngoloa ha temana ena e le, ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo le ’Moloki oa rōna Jesu Kreste.’ Liphetolelo tse ngata tsa kajeno lia lumela. Temaneng e khōlō kapa litabeng tse ngotsoeng tlase ho leqephe ba ngola Tite 2:13 e le e buang ka batho ba babeli ba khethollehileng, “Molimo o moholo” e leng Jehova, le mora oa hae, “’Moloki oa rōna, Kreste Jesu,” bao ka bobeli ba nang le khanya. (Luka 9:26; 2 Tim. 1:10) Bona The New American Bible, The Authentic New Testament, The Jerusalem Bible (tlase ho leqephe) le liphetolelo tsa J. B. Phillips, James Moffatt le Charles K. Williams.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela