‘O Tseba Likarabelo Tsohle Tsa Bibele’
Mosali oa naha ea New York o ile a rōmela eo a neng a kena sekolo le eena, ea neng a hōlisa lelapa, buka ea Lipale tsa ka tsa Bibele. Kamor’a nakoana mosali enoa o ile a amohela lengolo le tsoang ho eo a neng a kena sekolo le eena. O ile a ngola mabapi le morali oa hae:
“Elizabeth o rata buka haholo, ke eona feela eo a ratang hore a e balloe mantsiboea. O balloa lipale tse 5 (hobane o lilemo li 5) ka bosiu, ’me bekeng e fetileng tichere ea hae ea Sekolo sa Sontaha e ile ea mpolella hore e tšepile Elizabeth hore ke eena ea ka tsebang likarabelo tsohle lipotsong tsa Bibele. Kahoo e tlameha e be e ngotsoe ke motho e mong ea neng a utloisisa hantle hore na ke eng se ratoang ke bana.”
Mosali oa New York o ile a hlokomela ka eo a neng a kena sekolo le eena pele: “Hona e tlamehile hore ebe ke boikutlo ba hae ba ’nete, kaha ke motho ea buang litaba ka kotloloho feela ’me o ne a ke ke a rorisa buka ntle le haeba a hlile a e rata kannete.”
Re ikutloa hore le uena, u tla nka buka ena e etselitsoeng litšoantšo tse ntle le e ngotsoeng ka mongolo o moholo e le ea bohlokoa. Litlaleho tsa eona tse 116 tsa Bibele li nea ’mali leseli la hore na Bibele e bua ka eng. Lipale tsena li hlaha ka tatellano ea liketsahalo paleng. U tla fumana hore hona e hlile ke thuso e kholo ho ithuteng hore na ke neng, mabapi le liketsahalo tse ling, lintho li ileng tsa etsahala paleng. Amohela buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256 ka hore u tlatse le ho romela leqetšoana le latelang.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,” eo ke kenyang R2,50 bakeng sa eona.