Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/15 leq. 31
  • Ho ba Setho Kerekeng ho Bolela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Setho Kerekeng ho Bolela Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Tseba Bibele Hantle Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Buka eo Bacha ba Bangata ba sa e Thahaselleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?
    Tsoha!—1987
  • Melao ea Boitšoaro ea Bolumeli—Ho Tla Etsahala’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/15 leq. 31

Ho ba Setho Kerekeng ho Bolela Eng?

“Ho sa na le tumelo e ngata le ho nka karolo,” kamoo ho hlalosang mofuputsi Seminaring ea Hartford ka liphello tsa patlisiso e entsoeng Boston e khōloanyane, Massachusetts. Karolo ea mashome a robong lekholong eo ho ileng ha buisanoa ka eona e boletse hore e lumela ho Molimo ’me karolo ea ba fetang 70 lekholong ea bolela hore e kena kereke.

Leha ho le joalo, Boston “Globe” e neng e okametse patlisiso, e hlokomela hore “bolumeli bo hlophisitsoeng ho bonahala bo e-na le tšusumetso e nyenyane ho batho ka bomong.” Hobane’ng? Ke karolo ea 5 feela lekholong ea baahi e ileng ea boleloa hore e bonana le moruti bakeng sa khothalletso ha ba le “mathateng a tebileng,” ’me ke karolo ea 7 feela lekholong ea litho tsa kereke e boletseng hore e etsa joalo.

Hape patlisiso e bontša hore “karolo e khōlō ea litho tsa kereke ha e bale Bibele, ha e etse thapelo nakong ea lijo ’me ha e ee litšebeletsong kamehla.” Har’a ba ipolelang hore ke Mak’hatholike, ke karolo ea 11 lekholong feela e balang Bibele kamehla le karolo ea 8 lekholong feela e e sebelisang e le tataiso. Bakeng sa Maprostanta, palo e lumellanang le eo ke 23 lekholong le 15 lekholong.

Bibele e hlile ea bolela hore ho tla tla nako eo ka eona batho ba neng ba tla ‘ba le sebopeho sa borapeli’ empa ‘ba latotse matla a jona.’ Eo ke tlhaloso ea moapostola Pauluse ea boholo ba ba ipolelang hore ke Bakreste ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Tim. 3:1-5) Na u bona mongolo o leboteng?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela