Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/1 leq. 15
  • Keletso e Mpe ea Moruti

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keletso e Mpe ea Moruti
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/1 leq. 15

Keletso e Mpe ea Moruti

Karolong ea haufi tjena ea Toronto “Star,” “Youth Clinic” ngoanana ea lilemo li 18 o ile a botsa hore na Bibele e hanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Karabo ea moprista oa Chache Graham Cotter e bile e reng: “Ha ho karolo e tobileng ka Bibeleng e hanelang likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo maemong ’ohle.” Leha ho le joalo, mangolo a eang ho mohlophisi a supa hore likarolo tse ngata tse tobileng tsa Bibele li hlile li nyatsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Koranta ea leka ho hlalosa hore moruti o ne a sa “sireletse likamano tsa botona le botšehali tse iketsetsoang feela” empa hore bothata ke ho lekanyetsa hore “na lenyalo le theoa ke eng.”

Ka hore na “lenyalo le theoa ke eng,” Bibele e re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heb. 13:4) Ka sebele, hore lenyalo le “hlomphehe” le tlameha ho ba molemo molaong le boitšoarong. Kahoo likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo hase motheo oa lenyalo le ‘hlomphehang.’ Kahoo, Mangolo a bolela likamano tsa botona le botšehali e le bofebe ka ntle ho lenyalo, a eletsa: “Tšabang bofebe.” Hape, Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Babōki le bafebi, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 6:9, 10, 18.

Ha moruti a leka ho fana ka sebaka ho moloko oa bafebi ka ho khothalletsa bofebe, kapa a sireletsa hore na bo seng, o fana ka keletso e mpe. Moroetsana o ne a hloka keletso e utloahalang ka bohlale ba ho itšoara hantle pele ho lenyalo, e leng bo a tla lebelloa ho ba le bona le kamor’a lenyalo. Ho hana ho lebisa batho boitšoarong bo hlomphehang joalo ke ho soetsa Molimo le motho haholo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela