Lefa la Rōna la ho Kula
BANYALANI ba banyenyane ba ne ba thabile haholo! E ne e le thabo ho bona tlhasimoloho ea bona ha ba emetse ho hlaha ha ngoana oa bona oa matsibolo. A fela a hlaha ngoana, e le ngoananyana. Empa o ne a holofetse ho se nang thuso. Ho se mohla a tla phela bophelo bo tloaelehileng. Ke motho e mong eo e leng motsoali feela ea neng a ka utloisisa ho nyaroha ha bona le mahlomola.
Ke seithuti sa sekolo se phahameng, o hlomphuoa ke matichere a hae, ’me o ratoa ke bao a kenang sekolo le bona. E mong le e mong o ne a lebelletse hore o tla ba le bokamoso bo khanyang le bo atlehileng. Ka selemo sena, sa ho qetela sekolong, maoto a hae a na le bohloko bo sa feleng. Tlhahlobo ea lingaka e bontša hore o na le lefu la ho satalla ha linama. A botsa, “Na hobane’ng? Hona hona joale hobane’ng?”
Na u khathatsoa ke hlooho e opang joale ka mosali eo? Kapa u har’a ba bangata ba khathatsoang ke bohloko ba mala, ho opa ha ’mele, mokokotlo o opang, letšoea le matla, lefu la methapo, serame sa masapo kapa ntho e ’ngoe e kang tseo? Mathata a joalo ke seoelo a potlakelang ho bolaea, empa a nka ho hong ho re sitisa ho thabela bophelo. ’Me a etsa hore matsatsi a mang re a fete haboima.
Na ho na le tšepo ea hore ponahalo ea lintho tsee e ka fela ka letsatsi le leng? Na nako e tla ke e tle ea ha motho a ke ke a hlola a hlokofatsoa ke lira tsa hae tsa nako e telele, ho kula le lefu? Kapa na ke karolo ea ka mehla e tla bonoa ke motho?