Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/15 maq. 10-11
  • Na U Tla Mamela Keletso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Mamela Keletso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Kamehla Ua Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bacha, Hanelang Likhatello Tsa Lefatše!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Na U Fana ka Keletso e Thabisang Pelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/15 maq. 10-11

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Na U Tla Mamela Keletso?

NA HO na le mohla u kileng ua eletsoa, joaloka ha u bona mohlankana enoa? Mohlomong u ile ua bolelloa hore metsoalle eitseng e mebe, kapa hore tsela eitseng ea ketso e ka isa khathatsong ’me ea seke ea khahlisa Molimo. Na u ile ua mamela? Ntho e ileng ea etsahalla batho ba Molimo ba boholo-holo e bontša hore ho bohlokoa ho ela keletso hloko.

Hoba a lokolle Baiseraele Egepeta, Molimo oa ba laela hore ba seke ba tloaelana le barapeli ba melimo e meng. Oa re: “U seke ua etsa selekane [kapa, tumellano] le bona, kapa le melimo ea bona.” Leha e le hore barapeli ba melimo ea bohata ba ne ba lumelletsoe ho lula kahar’a naha. Lebaka leo Molimo o faneng ka lona ke hore “e se re ba etsa hore u ntšiteloe.” (Exoda 23:32, 33) Leha ho le joalo, pelenyana ba kena Lefatšeng la Pallo, Baiseraele ba bangata ha ba ka ba mamela keletso. Ha etsahala joang?

Moprofeta oa bohata Balaame a etsa hore basali ba Moabe le Mediane, bao o ba bonang, ba memele Baiseraele moketeng oa lijo tse hlabosang le Veine. Bonneteng, e ne e le bothoto ho bona ho amohela memo e joalo e tsoang ho barapeli ba bohata. Kamoo ba bangata ho bona ba ileng ba eletsoa hore ba seke ba ea. Empa ha ba ka ba mamela keletso ba ea leha ho le joalo.

Moketeng Baiseraele ba khatholoha ka lebaka la ho ja le ho noa. Hape, ho ne ho e-na le metjeko ea likamano tsa botona le botšehali ea basali ba Moabe le Mediane, e neng e tsosa takatso ea banna. Ba itebala, hoo basali ba ileng ba ba hulela likamanong tsa botona le botšehali. Ba ba ba etsa hore Baiseraele ba khumamele melimo ea bohata. Ka phello efe?

Bohale ba Jehova ba tukela batho ba hae, ’me a ba lihela kotlo. Leha ho joalo, Baiseraele ba bang ba tlisa Cozbi, morali oa morena oa Mediane, hona liahelong tsa Iseraele. A mo kenya ka tenteng ea hae ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena. Empa Finiase, mora oa moprista e moholo oa Iseraele, a potlakela ho kena ka ho bona ’me a ba hlaba ka lerumo. Ka hoo Jehova a emisa kotlo. Leha ho le joalo, Baiseraele ba 24 000 ba shoa ka baka la ho se mamele keletso.—Numere 25:1-15; 31:16.

Na u bona boemo bo joalo kajeno? Bo teng. (1 Ba-Korinthe 10:11) Hona joale re haufi le tsamaiso e ncha e tšepisitsoeng ke Molimo, re loketse ho kena joalo ka Baiseraele ba Lefatšeng la Pallo. Ha re ahlola ka mehlala ea nakong e fetileng, u ka lebella eng ka boiteko ba Satane? E, ho kenya batho ba Molimo boemong bo tla etsa hore ba kopanele boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali e le hore Jehova a ba ahlole e le ba sa lokeleng ho kena tsamaisong ea hae e ncha.

Ka hoo ha u amohela keletso ea ho qoba maemo a ka etsang hore u kene bohloleng, u tla etsa joang? Hlalefa. Mamela keletso!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela