Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/15 leq. 31
  • “Pel’a Marena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Pel’a Marena”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Fumane “Perela . . . e Theko e Phahameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Batla Moeta-pele ea Tšoanelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na U Rata Likhopotso Tsa Jehova ka Mokhoa o Fetisisang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Likhopotso le Litaelo tsa Molimo oa Tsamaiso e Ncha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/15 leq. 31

“Pel’a Marena”

“Ke tla bolela likeletso tsa hao pel’a marena,” ha bina mopesaleme ea boluletsoeng. (Pesaleme ea 119:46) Ka ha ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li ama ’muso oa leholimo, le kajeno, “marena” kapa babusi ba lokela ho utloa likeletso tsa Molimo. (Mattheu 24:14) Na ba li utloa? E. Tlaleho e latelang e tsoang ho e mong eo e neng e le moromuoa oa Lenyesemane e bontša hore ke joang e mong oa babusi a ileng a utloa:

“Ka tsatsi le leng ho ea bofelong ba bo-1940, ke ne ke bolela ka ntlo le ntlo motseng oa Kent. Ke ne ke bua le monna e mong ntlong e ’ngoe e polasing ha ho fihla moeti. E ne e le Monghali Winston Churchhill. Moqoqo oa ka o ile oa khaotsoa, empa Monghali Winston a bona Molula-Qhooa ’me a mpabatsa ka mosebetsi oa ka.

“Kamor’a matsatsinyana ka ea hape mosebetsing oa boboleli ’me ka letsa tleloko e monyakong oa ntlo e ’ngoe e kholo. Molebeli oa ntlo a bula monyako ’me, ha ke kopa ho buisana le mong’a ntlo a mpotsa hore na kea tseba hore ke mang. Ke ne ke sa tsebe. ‘Mona ke Chartwell,’ a mpolella, ‘lapeng la Monghali Winston Churchill.’ Ka nako eo, Monghali Winston a hlahella. A hopola ha re ne re kopane nakong e fetileng ’me a re ke kene ka tlung. Ra buisana ho se hokae, a amohela libuka tse tharo ’me a re ke khutle hape.

“Kamor’a beke tse peli, thapameng e chesang, ka khutlela ’me ka amoheloa hape. Monghali Winston a mpha seno-mapholi lamunu, ’me kamor’a tumeliso e khutšoanyane, a re: “Ke tla u fa halofo ea hora hore u mpolelle seo u se nahanang ka ’Muso oa Molimo empa hape u lokela ho ntumella hore ke bolele seo ke se nahanang ka oona.” Ra fela ra etsa joalo. O ile a nahana hore ’Muso oa Molimo o tla etsoa ka matona a ’muso a tšabang Molimo, ’me o ke ke oa fihla pele batho ba ithuta ho phela ka khotso. Ke ile ka khona ho hlalosa pono ea Bibele ka ’Muso oa Molimo le mahlohonolo ao o tla a tlisa. Monghali Winston o ne a le mosa ’me a bontša hore o hlompha mosebetsi oa rōna.

“Ka bomalimabe, ha kea ka ka khona ho kopana le eena hape. Empa e bile hlohonolofatso hore mohlankana oa lilemo tse 17 a sebelisoe ho mo pakela ka nako e ’ngoe.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela