Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 12-13
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “ ’Muso oa Hao o ke o Tle”​—⁠Thapelo e Rapeloang ke Batho ba Limilione
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 12-13

Lentsoe la Molimo Lea Phela

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

THUTONG ea hae e tsebisahalang ea Thabeng, Jesu Kreste o rutile balateli ba hae thapelo e tloaetsoeng ka hore ke ea Ntat’a Rōna kapa Thapelo ea Morena. Mohlomong u e entse ka makhetlo a mangata. Batho ba baloang ka limillione ba e etsa. Ba rapela Molimo hore: “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:10) Na u tseba ntho eo u e kōpang ha u bua joalo?

Mohlomong u tšoana le batho ba bangata ba ileng ba bua mantsoe ana ba sa nahane ka matla hore na ba re’ng. Empa kaha ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele, ho tla etsahala joang ka mebuso ea hona joale ea lefatše ha ’Muso oa Molimo o tla? Na u kile ua ipotsa ka hoo?

Bibele ha e re tlohelle hore re itšokolele karabelo. Boprofeteng bo supang mehleng ea rōna, Bibele e re: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [ona ke ’Muso oa Molimo oo Bakreste ba o rapellang] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo [mebuso ea hona joale ea lefatše] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44

Nahana! ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea hona joale ea lefatše. ’Me ha u rapela, “ho tle ’Muso oa hao,” u rapella hore hona ho etsahale. Empa ka sebele phetoho e joalo e-ea hlokahala. Paleng ha ho mohla ’muso oa motho o kileng oa khotsofatsa ka ho feletseng. E be joale ekaba eng e molemo ho feta hore ’muso o phethahetseng oa Molimo o nke sebaka sa mebuso eohle ea batho!

Kaha Jehova Molimo o matla ’ohle, ’Muso oa hae o tla khotsofatsa se hlokoang ke batho bohle ba sekametseng ho lokeng, Bibele e hlalosa hore: “’Muso oa hao ke ’muso oa ka mehla eohle.” “U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:13, 16) U lakatsa ho khotsofatsoa ho eng? Ho fela ha ntoa, tlala, khatello, matlo a mabe, bonokoane, ho kula le lona lefu? Mathata ana kaofela le a mang a tla felisoa ke ’Muso oa Molimo.

Bibele e tšepisa ‘khotso ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.’ “Empa ba babe,” e re “ba tla khaoloa holim’a lefatše.” E, batho joale “ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona.” “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Pesaleme ea 72:7, 8; Liproverbia 2:22; Esaia 65:21-23; Tšenolo 21:3, 4.

Ke mahlohonolo a kaakang bakeng sa lelapa la motho! Na u rata ho ba mofo ao ’Muso ao Molimo? Ithute Lentsoe la Molimo me u sebelise seo u ithutileng sona.—Johanne 17:3.

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

o tla felisa tsamaiso ena . . .

. . . o kenye e ncha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela