Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/15 leq. 3
  • Na U Ananela Seo Molimo o U Etselitseng Sona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Seo Molimo o U Etselitseng Sona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Loanela ho Bontša Mosa Lefatšeng le Mabifi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Khahlisa Jehova ka ho Bontša Mosa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Susumetsoa ke “Molao oa Mosa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Batho ba Molimo ba Lokela ho Rata Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/15 leq. 3

Na U Ananela Seo Molimo o U Etselitseng Sona?

MOSALI e mong o ne a leka ho abelana litaba tse molemo tsa Bibele le mofumahali eo a ahelaneng le eena, ea nang le bana ba babeli, ea buang Sechaena. Empa mofumahali eo a re: “Le ka mohla nke ke ka ba Mokreste joale ka uena!”

Leha ho le joalo, ho e-na le ho nyahamisoa ke karabelo ena, mosali oa Mokreste a tsoela pele ho bontša mosa ho moahelani oa hae, a mo phallela khafetsa ha a hloka thuso. Butle-butle, moahelani a susumetsoa ke mosa ona ’me qetellong a amohela thuto ea Bibele e le hore a ka ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo oo barapeli ba oona ba bontšang lerato le hlokang boithati joalo. Hamorao mofumahali eo oa mochaena a fetoha morapeli oa Jehova, Molimo oa Bibele, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea monna oa hae.

Phihlelo ena e paka hore motho e mong le e mong ea nang le kelello o ananela ho tšoaroa ka mosa le ka ho nahaneloa. ’Me ke tlhaho ebile ke ho loketseng hore re lokela ho bontša kananelo ea rōna ho motho ea re bontšang mosa o joalo. Ha re re mohlomong motsoalle o u memela lijong tse hlabosang, ’me a sebelisitse nako e ngata, boiteko le chelete ho li lokisetsa. Kamor’a ho thabela mokete o joalo, na u inahana u ka tloha tafoleng feela u sa re letho ho ananela kamohelo eo u e etselitsoeng ke mong’a ntlo? ’Mōpi eena? Na u ananela seo a re etselitseng sona kaofela ha rōna?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela