Thuso ea ’Nete Nakong eo e Hlokoang
Ke seo batho ba se buileng ka buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. ’Mali e mong ea ananelang o ngotse: “Ha ho seo ke se entseng haese feela ho talima buka ena ka motsotso o mong le o mong oo ke o fumanang esale hoba ke e reke. E na le litšoantšo tse ntle, ’me boitsebiso ba eona ke bo nkahang haholo . . .
“Ke tla tseba hore ha ke ikutloa ke nyahame ka lebaka la likhatello le mathata, ke tla khona ho hlahloba buka ena ’me ke fumane ho eona likarabo le likeletso tse nepahetseng tse tla nthusa.”
Le uena u tla fumana thuso ea sebele ka ho bala likhaolo tse kang “Ntoa ea ho Etsa Botle” le “Tsela ea ho Fumana Thuso ka Thapelo.” Maqephe a 256 a buka ena, a lekanang le leqephe la makasine ona, a tletse litšoantšo tse kaholimo ho 150 tse rutang, tseo boholo ba tsona e leng tse ’mala o motle.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R4,50.