Bosiu ba Sehopotso
Letsatsi la la 14 Nisane ke la khopotso ea ho lopolloa ha Iseraele Egepeta. Ke khopotso eo Bajode ba neng ba laetsoe ho e boloka ka sejo se khethehileng selemo le selemo. Ka eona ba ne ba lokela ho hlalosetsa bana kamoo mali a konyana ea Paseka a fafalitsoeng likoseneng tsa mamati le menyakong a sirelelitseng matsibolo a matlo a Baiseraele ho bolaoeng ke lengeloi la Molimo.—Exoda 12:21-27.
Hoo e ka bang lilemo tse 1 545 hamorao, le teng e le ka la 14 Nisane, Jesu Kreste a etsetsa balateli ba hae ba neng ba tla fumantšoa ’Muso oa leholimo mokete o mocha o neng o tla nka sebaka sa Paseka. Tšebeletsong e bonolo, Jesu a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e le litšoantšetso tsa bophelo ba hae ba botho, boo a neng a tla bo etsa sehlabelo bakeng sa batho. Sehlabelo sa hae se na le matla a pholosang a phahametseng a konyana ea Paseka. (Johanne 1:29) Ha a thea sehopotso sa sehlabelo sa hae, Jesu o itse: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19.
Lipaki tsa Jehova li u mema ho ba teng moketeng ona oa bohlokoa oa Sehopotso. Monongoaha letsatsi le lumellanang le la 14 Nisane almanakeng ea rōna ke Labone, la 4 ’Mesa, hoba letsatsi le likele. Mohlang oo u ka ba teng Holong ea ’Muso e haufi le uena. Bonana le Lipaki tsa Jehova tsa moo bakeng sa nako e tobileng.