Lerato le ba Pholositse
MATHOASONG a Loetse ngoahola lifefo tse peli tsa thulana holim’a Korea. Ka lihoranyana feela, libaka tse ling li ne li qoetse botebong ba lisentimethara tse 50. Phello e bile sekhohola se tšabehang se otlileng naha kamor’a lilemo tse 40. Batho ba fetang 200 000, ba ne ba setse lepala-paleng, ’me ha tlalehoa hore ho shoele ba 181 kapa ba nyametse. Tahlehelo ea thepa ea baloa ka lidolara tse limillione, ’me ho senyeha ha lijalo ho ne ho ke ke ha lekanyetsoa.
E qalile ho tšoloha ka Labohlano mantsiboea ’me ea tsoela pele letsatsi lohle la Moqebelo. Matamo a tšeletseng holimo Nokeng ea Han a tlōla moeli, a tlatsa noka hore e tlole moeli ka halofo ea methara. Hoseng ka Sontaha, ntle ho temoso ea letho, ntho e laolang ho phalla ha noka ea buleha ’me noka ea phallela metsaneng e kathoko. Nakong eo metsi a qalang ho fokotseha mantsiboeeng ao, batho ba ka bang 60 000 sebakeng sena ba ne ba setse lepala-paleng.
Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea naha e ne e otliloe ke sekhohola. Empa motse-moholo Seoul, moo ho nang le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse 174, e ne e le oona o otliloeng haholo, haholo-holo libakeng tse peli tse sebeletsoang ke Liphutheho ea Mangwondong le Sungnaedong. Metseng ka bobeli malapa a Lipaki a 130 kaofela a sala lepala-paleng. Kapele-pele, le ka ho panya ha leihlo, Lipaki tsa Jehova tse Korea tsa arabela ho se hlokoang ke Bakreste hammoho le bona.
Le hoja mehala e ne e khaohile libakeng tse ngata, litlaleho tsa qala ho fihla ofising ea lekala ea Watch Tower Society. Likomiti tse peli tsa theoa ka potlako ho hlophisa phallelo bakeng sa Lipaki tse libakeng tse peli tse senyehileng hampe. Balebeli ba tsamaeang ba potoloho Seoul ba ile ba laeloa ho iteanya le baena ho fumana hore na ba hloka’ng kapa hore na ba ka etsa’ng ho thusa bao ba libakeng tse peli tse otliloeng hampe.
Lipaki tse libakeng tse ling tsa tseba boholo ba tšenyo ena ka Iitlaleho tsa litaba tsa TV. Tsa letsetsa lekala li botsa hore na li ka romela meneelo hokae bakeng sa baena ba tsona ba tsietsing. (Lekala la Watch Tower le Japane le lona la letsa le batla ho thusa.) Menehelo ea chelete ea qala ho fihla e tsoa hohle naheng. Reisi, “noodles,” le lijo tse ling, hammoho le liphahlo le likobo, le tsona tsa fumaneha. Tsena tsa abuoa kapele ke likomiti tse sebakeng sa koluoa. Baena ba ile ba fana haholo kapele hoo ofisi ea Seoul e ileng ea tsebisa kapele hore ha ho sa hlokahala meneelo ea chelete.
Ho latelang ea e-ba mosebetsi o boima oa ho hloekisa. Lipaki tse makholo a mararo tsa ithaopela tšebeletso ena. Li ne li romeloa ka bobeli lelapeng le leng le le leng ho ea thusa ka ho hloekisa le ho thusa ho khutlisetsa lintho malulong ka potlako kamoo ho ka khonehang. Moithaopi e mong o Ile a hlokomela: “Ka ho koetlisoa tlhophisong ea likopano tsa rōna re tseba ho tšoarana hammoho ’me re phethe lintho.” Ba bangata sebakeng seo ba ne ba koatile ha ba bona batho ba bang ba nka monyetla ka mahlatsipa. Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba makaletse boikutlo bo mosa, bo thabileng, le ba ho fana ba Lipaki, le maemong a tšabehang joalo.
Paki e ’ngoe e moo ea re: “Ho boetse ho bontšitse hore koluoa e ka re amoha thepa ea rōna e bonahalang ka potlako, empa e ke ke ea re amoha tumelo ea rōna.” Ka meokho ea thabo, mosali oa Paki a re: “Le hoja re lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha rea teloa. Lerato le mofuthu la baena ba rōna le re matlafalitse.”
Ka ’nete, e bile ho babatsehang ho bona ha lerato le sebetsa. Ketello-pele e nkiloeng ke Lipaki moo le ho arabela kapele ha ba “ntlo ea tumelo” li ile tsa totobatsoa. (Ba-Galata 6:10) Baena Korea ba ile ba khothatsoa haholo ke phihlelo ena. Ba ne ba kholisehile ke thuso e hlophisitsoeng hantle e fanoeng ka lerato ho bona hoo ho ka bang le tlhaloso e le ’ngoe feela—lerato le ba pholositse!