“Ke ne ke Sitoa ho e Bea Fatse”
Seo ke se boletsoeng ke ’mali ea ananelang hoba a qete buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. O ngotse:
“Maobane ke qetile ho bala buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ke ne ke sitoa ho e bea fatše ho fihlela ha e felile. E ne e le ntle haholo. Ke rapela hore e se e ka re ka sebelisa lintlha tsohle tse ntle tse ka bukeng ena ka nepo.”
Batho ba entseng joalo ba tlalehile hore bophelo ba bona ba lelapa bo ntlafetse. Buka e fana ka litlhahiso tse tobileng tse thusang ho rarolla mathata ’me e etsa hore lenyalo e be thabo eo ’Mopi a le etselitseng eona. Bakeng sa kopi ea hao, ka kopo tlatsa le ho romela setlankane se latelang.
Ka kopo nthomelleng buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, poso e lefelletsoe. Ke kentse R1,80.