Ketsahalo e Thabisang ka ho Imenneng
LA 3 TLHAKUBELE, 1985, e bile letsatsi la ketsahalo e thabisang ka ho imenneng, haholo-holo bakeng sa liithuti tse 42 tsa sehlopha sa bo78 tsa Sekolo sa Gileade sa Bibele sa Watchtower. Li ne li thabetse letsatsi la ho amohela mangolo—lebaka le letle la ho thaba—’me hape li ne li thabile kahobane e ne e le ka lekhetlo la pele letsatsi la ho fana ka mangolo a Gileade le tšoareloa Holong e ncha ea Kopano ea Brooklyn, e neng e sa tsoa neheloa letsatsi pele ho ketsahalo ena.
Ka 10:00 hoseng, holo e nang le litulo tse 2 400 e ne e tletse ka liithuti, malapa a bona le metsoalle, ’me ka lekhetlo la pele kamor’a lilemo tse telele lelapa lohle la Bethele la Brooklyn le ne le le teng tsatsing leo ha ho fanoa ka mangolo a Gileade. Ho ne ho rena thabo. ’Me moqoqo oa sehlooho e ne e le lihlaloso tse babatsang kamoo baena ba lokisitseng holo ka bokhabane kateng. Ho ne ho se le ea mong ea neng a khona ho pata thabo le teboho e neng e tletse pelong ea hae.
Ka hora ea leshome hoseng, Theodore Jaracz, molula-setulo tsatsing leo, a kōpa hore bohle ba Iule fatše. Ha utloahala mahofi ha a re: “Ke ntho e ntle ho ba mona, a ke re?” Ho ne ho hlakile hore mantsoe ao a ile a susumelletsa karabelo e matla.
Sehlooho sa thabo ho bonahala se ne se le likelellong tsa libui tsatsing leo. George Gangas oa Sehlopha se Busang a bua sehloohong “E bang le Thabo Tšimong ea Boromuoa—Joang?” A bolella liithuti tse tlang ho amohela mangolo hore joalokaha mehleng ea khale Jehova a sebelisitse mangeloi, “Jehova o tla le sebelisa ho ntša batho botlamuoeng ba chankane ea Satane.” A ke le nahane thabo eo le tla ba tlisetsa eona! Eaba Daniel Sydlik o eletsa liithuti hore “li nke motsoalle oa tsona ea haufi” ha li ea likabelong lisele. Motsoalle eo ke Bibele. A li bolella hore li ka itšetleha haholo ka eona ha li hloka thuso. Polelo e le ’ngoe ea eona, kapa esita le lentsoe feela, e na le matla a thusang. A khothalletsa liithuti ho e bala le ho e mamela kamehla, le ho thusa ba bang ho etsa ho tšoanang.
Ha Robert Wallen, setho sa Komiti ea Lehae ea Bethele, a hlalosa ka ho eketsehileng sehloohong sena sa thabo a khothalletsa liithuti ho khomarela boikutlo ba hore “Ke ’na enoa! Roma ’na,” ’me Joel Adams oa Komiti ea Lefapha la Tšebeletso a bolella sehlopha: “Hore le be le thabo e khapatsehang, le lokela ho inehela ka ho shoetseng ho etsa thato ea Molimo. Lintho tsena tse peli li ke ke tsa aroloa.”
Liithuti tsa amohela keletso ea karohano ho tsoa ho barupeli ba babeli ba tsona. Ulysses Glass a li hopotsa hore “bophelo ba boromuoa bo ke ke ba ba monate kamehla.” A ba hopotsa ka tšoantšiso ea boprofeta ea Elia le Elisha, a ba khothalletsa ho etsisa mohlala oa sehlopha sa Elisha oa mehleng ena le ho khomarela mosebetsi oa bona ho fihla o phetoa. Jack Redford a makatsa e mong le e mong ha a re: “Lemo se fetileng ke kopane le monna e mong ea e-song ho ka a etsa phoso ka lilemo tse 4 000.” O ne a bua ka ntlo ea polokelo ea litopo ea Egepeta moo litopo tsa batho li bolokiloeng hantle e ka lia phela. Ntlha ea hae tabeng ena e ne e le hore ke bafu feela ba sa etseng liphoso. Empa ha re bontšoa liphoso tsa rōna, na re itšoara joale ka Saule, ea ileng a leka ho lokafatsa liphoso tsa hae, kapa Davida, ea ileng a amohela phoso ea hae hang-hang? Ebile lipotso tse sisinyang maikutlo ka sebele!
Sebui se neng se lihela likhala hoseng hoo e bile mookameli oa Sekolo sa Gileade sa Bibele sa Watchtower, F. W. Franz. A bontša hore ho hlongoa ha Sekolo sa Gileade “ke pontšo e tsotehang ea tumelo,” a qolla kamoo sekolo e bileng pulamaliboho kateng mosebetsing oa ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Hona joale liithuti tse 42 tsa sehlopha sa bo78 tsa sekolo sena li na le monyetla oa ho ea linaheng tse 14 ho ea thusa mosebetsing ona o moholo.
Kamor’a ho neoa mangolo Gordon Grant, e mong oa liithuti, a hlahella ka pele ’me a bala lengolo la kananelo le ngotsoeng ke sehlopha. Le re: “Re fihlile mona re le banna le basali ba futsanehileng, le hoja re ne re sa ho elelloa ha re fihla. Kajeno, qetellong ea likhoeli tse hlano feela, re tloha re le barui ba matlafetseng.” Ba ne ba ikemiselitse ho sebelisa koetliso ea bona le menono ea bona ea moea hamolemo likabelong tsa bona tse ncha.
Lenaneo la motšehare oa mantsiboea la qala ka Thuto ea Molula-Qhooa e khutsufalitsoeng eo liithuti li neng li kopanela ho eona ka ho fana ka likarabo, e tsamaisoa ke Calvin Chyke oa Komiti oa Feketri. Joale liithuti tsa fana ka liphihlelo tse enneng moeeng le lipina, li totobatsa seo li ithutileng sona ka mahlo le ka ho kopana le lelapa la Bethele le ba bang. Qetellong, ha etsoa tšoantšiso ea Bibele, e theiloeng tlalehong ea Josefa le baena ba hae. Menyepetsi e ne e tletse mahlong a bamameli.
Ha molula-setulo a lihela likhala tsatsing leo, e mong le e mong ea neng a tlile a lumela ka pelo eohle hore e bile letsatsi le letle hore ba be moo. E, e ne e le letsatsi le neng le tletse ka lintho tse molemo tsa moea—ketsahalo e neng e thabisa ka ho imenneng!