Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Na ho na le lintho tseo re lokelang ho qoba ho li bua ha re rapela Jehova?
E, li teng. Lithapelong tsa rōna re lokela ho qoba ho bua lintho tseo ho ba bang (lithapelong tsa pontšeng) li ka utloahalang li tloaelehile haholo ’me tsa fana ka tlhahiso ea hore ha re na hlompho. Lipolelo tse kang “Lumela, Jehova” le “U lumelise Jesu” ha lia lokela, kapa hona ho bua lintho tse tšehisang kapa eona metlae lithapelong tsa rōna. Hobane’ng?
Lebaka ke hore, ha ho sebelisoa lipolelo tse joalo thapelong ea pontšeng, ho bonolo hore li nyarose kapa li khopise ba mametseng. (Ba-Roma 14:21) Empa ho na le lebaka le tebileng haholoanyane la hore na ke hobane’ng ha lipolelo tse kang tseo li lokela ho qojoa, leha e le lithapelong tsa rōna tsa lekunutung. Tsena ke lipolelo tseo re li sebelisang ha re qoqa re le lithaka. Ha li sebelisoa thapelong, li fana ka maikutlo a ho hloka hlompho ea borapeli le ho tella, ’me li fana ka maikutlo a hore ea rapelang ka tsela eo o lebetse hore hase letho ho hang ha a bapisoa le Jehova.—Genese 18:27; bapisa Luka 18:9-14.
Ke ’nete hore Bakreste ba khothalletsoa ho hōlisa kamano e haufi le Jehova. Rea mo rata e bile ke Ntate oa rōna oa leholimo. (Mattheu 6:9; 22:37) Ha e le hantle, batho ba bang ba ka ’na ba bitsoa metsoalle ea hae. (Jakobo 2:23) Ho phaella moo, re memeloa ho bua le Jehova ka puo e lokolohileng le ho bolela ho eena kamoo re ikutloang kateng botebong le ka mathata a rōna a tebileng haholo.—Pesaleme ea 55:1, 2; Ba-Filippi 4:6; Ba-Heberu 4:16; 1 Johanne 3:21, 22.
Leha ho le joalo, Jehova o batla boikutlo bo tšoanelang ho ba mo atamelang. O itse: “Eo ke tla mo talima ke ea hlomohileng, ea robehileng pelo, le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.” (Esaia 66:2) Pelo e tšepehang le eona e-ea hlokahala. Jehova o itse ho batho ba hae: “Khutlelang ho ’na ka pelo tsohle tsa lōna.” (Joele 2:12, 13) Ka pel’a hae re ke ke ra tseka hore rea tšoaneleha, ha re na lebaka la ho iphahamisa, ha re na tokelo ea ho batla.
Bibele e fana ka keletso ena hape ho ba rapelang Jehova: “Batho ba tšoanetse ho hlonepha Molimo; ha e le oona, ha o talime le a mong ho ba bohlale.” “O fa ba mo tšabang ho ratoang ke bona, o utloa mehoo ea bona, ’me oa ba lopolla.” (Jobo 37:24; Pesaleme ea 145:19; bona le Pesaleme ea 39:5, 12.) Kahoo, leha Jehova a loketse ho mamela lithapelo tsa rōna kamehla, tsela eo re buang le eena ka eona e lokela ho bontša hore re utloisisa hore ha rea tšoaneleha, hammoho le hlompho e khōlō eo re nang le eona ho eena. Katamelo leha e le efe e ’ngoe e ka fana ka maikutlo a boikhohomoso, ho hloka boikokobetso, kapa ho se tiee.
Ka linako tse ling bana lithapelong tsa bona ba sebelisa lipolelo tse tloaelehileng haholo tse ka bang tsa etsa hore le bona batsoali ba bososele. Lipolelo tse joalo ke pontšo e ipiletsang ea ho hloka tsebo ha bongoana ’me e bontša kamoo Jehova e leng oa sebele kateng ho bona. Leha ho le joalo, batho ba baholo, ka tlhokomelo ea bona e khōlō ea se amehang, ba lokela ho qoba bolokolohi bo tlōtseng. Ba lokela ho atamela Jehova ka tieo, ka hlompho ea borapeli, ka boikokobetso, ka seriti le ka teboho.—1 Ba-Korinthe 13:11.