Molula-Qhooa—Thuso ea ho Thibela Bonokoane
NAOMI, ngoanana ea lemo li supileng ea lulang Manchester, Engelane, ka thabo a ngolla ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower e London mantsoe ana: “Eitse ha ke ea Posong, ka bona boto e khōlō e tšoantšitsoeng makasine o mong oa rōna, e le setšoantšo sa mofumahatsana ea nkeloang mokotla oa hae ke monna ea tšoereng thipa. Maponesa a Greater Manchester a ile a se kopitsa ho lemosa batho ka ho hleka-hlekoa!” Boto ena e sa tloaelehang ea thibelo ea bonokoane a re’ng?
Paki e ’ngoe ea Jehova ha e ntse e paka seterateng sa Manchester, ea tsamaisetsa monna e mong Molula-Qhooa oa la 1 Pulungoana, 1985, o nang le sehlooho se reng “Mehla ea Rōna e Bohloko—Ke Eng ha e le Mabifi Hakaale?” Monna eo a kenya makasine ka pokothong ea hae, empa ha a le tseleng a ea hae, a hleka-hlekoa. Eitse ha a lula fatše ho kokobetsa matšoafo ka baka la ketsahalo e tšosang, a hopola makasine eaba o qala ho o bala. Ha molaoli oa Lefapha la Maponesa la Thibelo ea Bonokoane a mo etela, a ’montša makasine, a bolela hore ha a e-s’o ka a nahana hore a ka hleka-hlekoa.
Molaoli oa maponesa a hlolloa haholo ha a bona setšoantšo se leng leqepheng le kantle, a bolela hore setšoantšo sena se jere lintlha tsohle tse hlokahalang ho lemosa batho ka likotsi tsa ho hleka-hlekoa. Ha fumanoa tumello ea hore setšoantšo sena se hlahisoe hape e le boto ea thibelo ea bonokoane, ’me hoo ha fella ka hore ho abuoe liboto tsena tse 3 000 sebakeng sa Greater Manchester.