“Tharollo Mathateng ’Ohle a Rōna”
Seo ke seo mocha ea tsoang Puerto Rico a reng se fumanoa bukeng Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. O-oa ngola:
“Hase khale haholo ha ke le ngolla ka bothata boo ke neng ke e-na le bona, ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa, ’me ka kōpa hore le nthuse ka keletso e ’ngoe e itseng ka ho hlahisa boitsebiso bo bong makasineng oa lōna. Joale, motsoalle oa ka, e mong oa Lipaki tsa Jehova, a mpha buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona hore ke e bale. E ka ’na ea e-ba khoeli joale hona ho etsahetse. Ke rata ho le tsebisa hore esale hoba ke bale khaolo ea 5 ea buka ena, ha ke e-so ho etse mokhoa ona hape. Ke hlokometse hore ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali e hlile hase ntho e hlokahalang. . . .
“Ke ne ke tla rata haeba mocha e mong le e mong a ne a ka bala buka ena, ho sa tsotellehe hore na ke oa bolumeli bofe. Bacha bohle ba na le mathata a tšoanang, ’me buka ena e tšoana le letlotlo, hobane e na le tharollo mathateng ’ohle a rōna. . . . Le lokela ho tsoela pele ho hatisetsa bacha libuka hobane lefatšeng lena le tletseng ka lithethefatsi le boitšoaro bo bobe, buka ena e tšoana le khalase ea metsi a pholileng haholo, a khathollang.”
Ntle le ho tšohla ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali le bosodoma, buka ena e bua ka tšebeliso ea lithethefatsi le joala, lipapali, ’mino, motjeko, ho laetsana, lefereho, le lihlooho tse ling tse ngata tse amang bacha. Amohela kopi ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlase.
Ka kōpo nthomelleng buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona, poso e lefelletsoe. Ke kentse R1,40.