Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/1 leq. 21
  • ‘Ba Hlophisa Thuto ea Molimo oa Rōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ba Hlophisa Thuto ea Molimo oa Rōna’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Halalelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Mesebetsi e Metle e Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/1 leq. 21

Baboleli ba ʼMuso baa TIaleha

‘Ba Hlophisa Thuto ea Molimo oa Rōna’

BONOLO le ho hlaka ha ’nete ea ʼMuso e ka ‘hlophisoa’ ke ba e bolellang ba bang. Joang? Ka boitšoaro ba bona bo botle. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a bontšitseng sena. Makhoba a Bakreste a ne a eletsoa hore a “etse hohle ka botšepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ea Molimo, ʼMoloki oa rōna, nthong tsohle.” (Tite 2:10) Liphihlelo tse latelang tse tsoang Argentina li bontša katleho e hlahisoang ke keletso ena.

◻ Lipaki tsa Jehova tse tšeletseng li ne li hiruoe lebenkeleng le leholo la lijo ʼme monghali oa bona o ne a talingoa a le thata ho utloisisa taba leha e le efe. Ha Lipaki li mo kōpa nako ea hore li ee Sehopotsong sa Lefu la Kreste, tsa bolelloa, “Khethang hore na le batla mosebetsi kapa liboka tsa lōna.” Le hoja khiro e ne e fumaneha ka thata, tsa khetha ho ea Sehopotsong. Ka le hlahlamang, tsa ea mosebetsing li lebelletse ho lelekoa. Li ile tsa hlolloa hakaakang ha li sa lelekoe empa tse ʼnè ho tsona li ngolisoa bakeng sa khiro ea nako e tletseng kaha li ne li hiriloe ka nakoana. Kaofela ba ekeletsoa moputso! Hamorao, tse peli tsa etsa qeto ea hore li ngolise bopula-maliboho ba kamehla, eaba mong’a lebenkele o hlophisa hore ba fapanyetsane ka nako e le hore lintho li be bonolo. Ke hobane’ng ha a ne a sebetsa lintho joalo? O ne a sa batle hore basebetsi ba hae ba tšepahalang, ba khothetseng ba tlohele mosebetsi.

Ka hona botšepehi le boitšoaro bo botle ba Lipaki tseo tse tšeletseng ba ‘hlophisa’ thuto ea bona thorisong ea Jehova.

◻ Khaitseli o ne a sebetsa lebenkeleng la meriana, empa kahobane a sebetsa lihora tse telele o ne a hlōleha ho ba libokeng tsohle tsa Bokreste, hape a hlōleha ho bula maliboho kamoo a neng a rata kateng. Mong’a lebenkele a sa utloisise ho fetola nako, ka hona khaitseli a tlohela mosebetsi. A sebetsa matlung a batho, ʼme a fumana nako ea hore e be pula-maliboho ea thusang. Likhoeli li se kae hamorao, mong’a lebenkele la meriana a fihla tlung ea khaitseli ʼme a bolela hore o mo nea mosebetsi “ʼme o amohela kemiso leha e le efe ea nako.” Lebaka? “Kahobane boitšoaro ba hae bo ne bo le botle,” tlaleho e bontšitse joalo.

◻ Boitšoaro ba Paki e ʼngoe bo ile ba ‘hlophisa’ thuto ea hae ka tsela e fapaneng. Tlaleho e tsoang Argentina e hlalosa hore ha Lipaki tse peli li fihla monyakong oa ntlo e khōlō e ntle haholo, ʼme ho eme koloi e ntle kantle, ba ikutloa ba tšaba ka baka la mabotho-botho a ntlo eo. Ba tsota hakaakang ha ba memeloa ka hare ka tsela e mofuthu. Ha latela puisano ea lihora tse peli, ba araba lipotso. Paki e re: “Ra lumela ho khutla bekeng e latelang. Ra tloha moo re thabile empa re maketse hore na e be ho tlile joang hore re amoheloe joalo. Bekeng e latelang ra fumana lebaka.”

Mofumahali oa ntlo eo a re hlalosetsa: “Ke ne ke lula Mar del Plata ʼme ke tseba mofumahatsana e mong ea neng a itšoere ka tsela e hlaha. Empa hamorao a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ʼme kapele botho ba hae ba fetoha. ʼNa le baahelani ba ka re ne re sa kholoe phetoho eo re e bonang hobane ho ne ho se letho le setseng la botho ba hae bo hlaha ba nakong e fitileng. Hona joale ke mofumahali ea itlhomphang, o nyetsoe ke moholo, kamoo le ’mitsang kateng, ʼme joale o na le lelapa leo e leng mohlala o motle.”

Boitšoaro bo fetohileng ba mocha eo ha a fetoha Paki ea Jehova ba susumelletsa mofumahali hore a batle ho utloisisa ka botebo lithuto tsa Lipaki tsa Jehova. Ha lokisetsoa thuto hang-hang le banyalani bao, ʼme ba qala ho fihla libokeng Holong ea ʼMuso. Lipaki tsa phetha phihlelo ea tsona ka mantsoe ana: “Sena se bontša hore boitšoaro ba rōna bo ka fana ka bopaki, ʼme thoriso le hlompho eohle li lebisoe lebitsong la Jehova.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela