Seboka sa Selemo—La 5 Mphalane, 1985
SEBOKA SA SELEMO sa litho tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ka la 5 Mphalane, 1985, se tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, 973 Flatbush Avenue Motsaneng oa Brooklyn, Motseng oa New York. Seboka se qalang seo e leng sa litho feela se tla tšoaroa ka 9:30 hoseng, se lateloe ke seboka se akaretsang sa selemo ka 10:00 hoseng ka Moqebelo, la 5 Mphalane, 1985.
Ho tla ananeloa haeba litho tsa Mokhatlo li ka tsebisa Ofisi ea Mongoli haeba liaterese tsa tsona li ile tsa fetoha selemong se fetileng e le hore mangolo a kamehla a tsebiso le a tumello a ka li fihlela hang-hang kamor’a la 15 Phato.
Litumello, tse tla romelloa litho hammoho le tsebiso ea seboka sa selemo, li lokela ho khutlisoa e le hore li ka fihla Ofising ea Mongoli oa Mokhatlo e seng kamor’a la 1 Loetse. Joalokaha setho se seng le se seng se tseba, se lokela ho tlatsa le ho khutlisa tumello ea sona ka potlako, se bolela hore na se tla ba teng ka seqo sebokeng kapa che. Boitsebiso bo fanoeng tumellong e ’ngoe le e ’ngoe bo lokela ho hlaka ntlheng ena, kaha ho tla be ho itšetlehiloe ka bona ho rera esale pele hore na haele hantle ke bomang ba tla ba teng ka seqo.
Ho lebelletsoe hore lenaneo lohle, ho akarelletsa seboka sa molao sa tšebetso le litlaleho, le tla be le phethiloe ka 1.00 thapama kapa hang-hang kamorao ho moo. Ho ke ke hoa e-ba le lenaneo la thapama. Ka baka la sebaka se senyenyane, ho tla kenoa feela ka litekete. Ho ke ke hoa etsoa litokisetso bakeng sa ho hokahanya seboka sena ka mehala le libaka leha e le life tse ling.