“Tšebeletso e Phahameng Haholo,” “Bophelo bo Monate Haholo”
Ka baka la thuto ea hae e tebileng ea Mangolo a Bakreste a Segerike, John Wycliffe, mofetoleli oa Bibele ea sebete oa lekholong la bo14 la lilemo, o ile a fihla qetong ena e thabisang ka boikarabelo ba motho ho Molimo o Matla ’Ohle. Ho ea ka buka ea H. C. Conant The English Bible, Wycliffe o phethile ka hore “tšebeletso e phahameng haholo eo motho a ka e fumanang lefatšeng ke ea ho bolela lentsoe la Molimo.” Makholo a lilemo hamorao seithuti se seng sa Bibele, Matthew Henry, sa fihla qetong e tšoanang. Liphateng tsa lefu ka 1714, se itse: “Bophelo bo sebelisitsoeng tšebeletsong ea Molimo, le kamanong le oona, ke bophelo bo monate haholo boo motho a ka bo phelang lefatšeng lena.”
Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse ka holimo ho limillione tse peli le halofo li lumela mantsoe ao ka pelo eohle! Li latsoitse ‘bophelo boo bo monate haholo.’ Lebaka? Hobane le tsona li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, ’me ka ho etsa joalo li mamela khothatso ena: “Rorisang Jehova, . . . ke ntho e monate.”—Pesaleme ea 147:1.