Thuso ho Hōleng
Ho hōla mehleng ena e thata ha ho bonolo. Bacha ba tobane le maemo a mangata a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na ke lokela ho tsuba? Ho amohela lithethefatsi? Boitšoaro bo nepahetseng ke bofe ha motho a e-na le e motona kapa e motšehali? Ho thoe’ng ka ho phōlla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa le bosodoma? Mocha e mong o ngotse:
“Haufinyane ke tla be ke le lilemo li 13, ’me ke rata feela ho le leboha ka buka Bocha. Buka ena e nthusitse haholo nakong ena e thata ea ho hōla. Ke lakatsa e ka thaka tsa ka kapa ba baholo ba ka be ba tseba ka buka ena.”
Buka ena, e arabelang lipotso tsohle tse kaholimo le tse ling tse ngata, ke Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Amohela buka ka ho tlatsa le ho romela setlankane. Ke R1,80 feela.
Ka kōpo nthomelleng buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192, Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Poso e lefelletsoe, ke kentse R1,80.