Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Bokella “Linku Tse Ling” Tsa Morena Australia
Lilemong tse fetileng tse 2 500 moprofeta Haggai o ile a ngola: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle Ii tla tla mona.” (Haggai 2:7) Kajeno, ka sebele tse lakatsehang joalo li ’nile tsa phallela ntlong ea borapeli ea Jehova. Leha ho le joalo, ka linako tse ling li ka ’na tsa bonahala li sa lakatsehe hakaalo, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo ena ea Australia:
◻ Moena ea neng a tsamaea ka koloi ea hae ho ea sebokeng ka Sontaha se seng o ile a etsa ho hong hoo ho seng mohla a kileng a ho etsa: A ema ho nka e mong ea neng a tsamaea ka thōko ho tsela. Moena ha a tsebe hore na o ho entse ka lebaka lefe, kaha mohlankana enoa o ne a le moriri o molelele o sa kangoang, a le litelu li telele, a apere habohlasoa, ’me ha a ka a phahamisa le letsoho ho kōpa ho palamisoa. Moena a phakisa a ba le boikutlo ba hore o lokela ho ema ’me a mo nke. Ha mohlankana a kena ka koloing, a re: “U ea kerekeng, na ho joalo?” Moena, ka ho makala a arabela: “E, ke ea Holong ea ’Muso.” Mohlankana eo a re, “Ke ea le uena.”
Ka lebaka la ponahalo ea hae, moena a leka ho mo nyahamisa. Empa mohlankana eo a tsitlella hore o-oa ea ’me a pheta pale ena: O ne a tlohile hae ha a le lilemo li 16 ’me ho tloha ka nako eo a ameha ka thata-thata lithethefatsing le boitšoarong bo bobe. O ne a phela a ikoahetse ka polastike kamorao ho litotoma tsa lehlabathe tse haufl le lebopo la leoatle. Ha a ntse a le moo, a qala ho nahana ka botebo ka hore na bophelo bo seng. A hloea seo a leng sona, eaba o rapela Molimo hore o mo thuse. O re o ile a bolella Molimo hore o tla ea tseleng ’me a rapela hore Molimo o tataise e mong hore a mo nke ’me a ee le eena kerekeng e nepahetseng. Likoloi li tsamaea seoelo tseleng ena e thōko. Ho ne ho fetile tse tharo feela kamorao ho lihora tse ngata, ’me ha ho le e ’ngoe e ileng ea ema ho mo nka. O ne a le haufi le ho tela ha moena oa rōna a e-tla ’me a mo nka.
O bile teng libokeng tsohle bekeng eo ’me a qala ho itlhoekisa. A ba a tlosa le sefapano seo a neng a se roetse molaleng. A etsa qeto ea ho khutlela hahabo Tasmania, moo a ileng a lula teng khoeli a ntse a bala Bibele le ho rapela. Ha a hlokomela hore o hloka thuso ea botho hore a tsoele pele, a ea ofising ea lekala ea Australia ea Mokhatlo oa Watch Tower. Hoa romelloa bo-pulamaliboho ba bang ho ea ithuta le eena, ’me a tsoela pele ka potlako. ’Nete ea Bibele ea etsetsa bophelo ba hae molemo le ho mo nea tšepo bakeng sa kamoso. (Liproverbia 10:28) Ka nako ea likhoeli tse supileng a kolobetsoa a ba a nkela bopula-maliboho bo thusang, ’me hona joale o sebeletsa joaloka pula-maliboho oa kamehla Sydney.
◻ Re ka ’hlophisa thuto ea Molimo, ’Mōpi oa rōna,’ ka ho tšoarella metheong ea Bibele boitšoarong ba rōna. (Tite 2:10) Hona ho bontšitsoe tabeng ea moena ea sebetsang femeng eo ho eona ho ileng hoa hlaha khang ea khoebo ka taba ea ho romella linku le likhomo ka ntle ho naha. Mosebetsi e mong le e mong o ile a kōptjoa hore a fane ka dolara ho thusa ho ipelaetsa ka khang ena. Ha moena a hana, mookameli oa mokhatlo a mo tšosa ka hore o tla senyeheloa ke mosebetsi. Moena a hlalosa hore ka lebaka la letsoalo la bolumeli, o ne a ke ke a tšehetsa moferefere o hlophisoang. Mookameli oa mokhatlo a mo nea hora hore a e’o inahana.
Joale moena a fetoha sesomo har’a basebetsi ’moho le eena. A ba hlalosetsa hore e ne e se taba ea dolara, empa kaha ba bang ba amehang ka khang ena ba na le lithunya le melamu, o ne a tla ba molato oa mali haeba a ne a ba tšehelitse ’me e mong a ka tsoa kotsi kapa a bolaoa. Mosebetsi e mong a bolela hore ha ho mohla a kileng a utloa maikutlo a joalo ’me a batla ho tseba haholoanyane. Kamorao ho nako, moena a khona ho qalisa thuto ea Bibele le mosebetsi eo, ’me ho sa tsotellehe khanyetso ea mosali oa hae, monna enoa kapele a qala ho ea libokeng. Kajeno ke e mong oa baena ba rōna ba inehetseng. Ha e le ka mookameli oa mokhatlo, ha a ka a khutla ho tla botsa moena.
Ka sebele ba ratang Jehova le ho loka ba tla pepesetsoa ’nete ka tsela ena kapa eane ’me ba tla e hlokomela. Jesu o itse: “Ke sa na le linku tse ling, . . . le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka.” (Johanne 10:16) “Linku tse ling” tsena tse fetang 42 000 Australia li se li utloile lentsoe la Molisa ea Molemo, ’me tsatsi le leng le le leng ho ntse ho bokelloa tse eketsehileng ka letsohong le letona la mohau oa Jesu.—Mattheu 25:31-34.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 22]
Re ka ‘hlophisa thuto ea Molimo, ’Mōloki oa rōna’ ka boitšoaro ba rōna bo botle