Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/1 leq. 3
  • Na Bafu Baa Phela? Seo Batho ba se Bolelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bafu Baa Phela? Seo Batho ba se Bolelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bafu Baa Phela? Seo Molimo o se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na ho Rapela Baholo-holo ha Shoeleng ho Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1989
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • ’Nete Mabapi le Lihele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/1 leq. 3

Na Bafu Baa Phela? Seo Batho ba se Bolelang

MOSALI-MOHOLO oa motho e motšo o ne a bonahala a kula haholo. Maoto a hae a ne a opa hoo a neng a kakaila ha a tsamaea. Ponahalo ea hae e ne e makatsa—moriri o ne o netiloe ka letsoku, a itlamme ka lik’hafo tse ngata, ’me matsoho le maqaqailane a ne a khabisitsoe ka lithatho. Lebaka? Hobane ka lilemo tse ka holimo ho 50 o ne a lumela hore o ne a e-na le meea ea baholoholo ba hae. Lingaka tsa litaola li ne li boletse hore a ka “phekoloa” ke letsoku, lik’hafo le lithatho.

Na ena ke tumelo e sa tloaelehang? Che. Afrika feela, bophelo ba batho ba bangata bo theiloe tumelong ea hore baholo-holo ba shoeleng ba na le matla a “ho sireletsa litloholo tsa bona kapa ho li otla ka mafu a fokolang kapa bomalimabe,” joalokaha buka African Heritage e bolela. Borapeli bo tšoanang ba baholoholo bo etsoa le likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše. Le hoja ho ka ’na ha bonahala ho makatsa, ho ka etsahala hore borapeli bo joalo ho na le moo bo tsoanang le litumelo tsa bolumeli tsa moo u phelang teng. Joang joalo?

Mahindu le ba bang ba lumela ho tsoaloeng hangata. Ba lumelang hore bafu baa phela ba lumela hore motho a ka buisana le bafu ka linohe. Mak’hatholike a rutiloe hore lefung boholo ba batho bo tšoanela ho hlakoloa libe pelakatoring pele ba ka qetella ba fihlile leholimong ’me ba thatafetseng lipelo ke bokhopo ba ea liheleng tsa mollo. Boholo ba Maprostanta bo lumela hore ba lokileng ba ea leholimong ’me ba khopo ba hlokofatsoa liheleng, ’me ba bangata ba kholisehile hore sena ke se rutoang ke Bibele. Batho ba bang ba ileng ba khutla lintšing tsa lefu ba kholisehile hore ho na le ho hong ’meleng ho lulang ho ntse ho phela lefung.

Le hoja malumeli a fapana ka mehopolo ea oona e ikhethang ka bophelo kamor’a lefu, boholo ba oona bo lumellana ka ntho e le ’ngoe—tumelo ea hore bafu baa phela.

Ruri lefu ke sera se tšabehang, se kakalatsang batho ba mehlobo eohle—ba ruileng le ba futsanehileng, ba bacha le ba baholo. Joalokaha Bibele e bolela: “Le tšoana feela le moholi, o bonahalang nakoana, o ntoo nyamela.” (Jakobo 4:14, TLP) Letsatsi le leng le le leng ba bangata ba lahleheloa ke baratuoa ba bona lefung.

Ka hona, batho ba bangata baa ipotsa: ‘Ba ile kae? Na ba hlile ba shoele kapa na ba ntse ba phela nģeng e ’ngoe? Na re tla ke re ba bone hape? Re ka fumana likarabo tsa ’nete hokae?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela