Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/1 leq. 32
  • Hobane’ng Mantsoe a Nyatsang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng Mantsoe a Nyatsang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/1 leq. 32

Hobane’ng Mantsoe a Nyatsang?

’Mali oa makasine oa Tsoha! oa Engelane o ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba ne ba bua mantsoe a e nyatsang, a hlalosa:

“Le hoja ke se oa tumelo ea lōna, nako le nako ke angoa ke tlhalohanyo le ho hlaka hoa makasine oa lōna.

“Hangata ke makatsoa ke mantsoe a nyatsang ao baeti ba tlileng ha ka ba a buang ha ba bona e ’ngoe ea limakasine. Na e be e ka ba hore Tšoha! e otla botsekeng ‘linnete tse hlabang’ ka rōna?

“Nkile ka ba letahoa, ke ile ka thabisoa haholo-holo selemong se fetileng ke lihlooho tsa lōna ka tahi, ’me, mantsoe a qotsitsoeng Bibeleng ka ho fetohela ha joala ‘ho tšoana le noha’ ho ntiisetsa ka ho eketsehileng bohlale ba buka eo.”

Le uena u tla khahloa ke Tsoha! E phenyekolla ka tlas’a ponahalo feela ea litaba. ’Me kaha e sa laoloe ke baphatlalatsi ba ke keng ba khopisoa, e lokolohile ho hatisa linnete. Le uena u tla thabela makasine ona, o hatisoang ka lipuo tse 53 ’me o baloa ke limillione tsa batho.

Ka kōpo nthomelleng peeletso ea selemo ea Tsoha! Ke kentse R3,25 bakeng sa litokollo tse 12 tsa makasine ona (makasine o le mong ka khoeli).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela