Tšebeliso e Mpe ea Matla ea Kajeno e Tsebisahalang
MOLAONG O fanoeng ka Moshe, ’Mōpi o ile a nyatsa ka matla hore baahloli ba amohele “tjotjo.” (Exoda 23:8; Deuteronoma 10:17; 16:19) Re ka bona hore na litaelo tse joalo ke tse bohlale hakaakang ka ho hlokomela litaba tse ling tsa kajeno tsa tšebeliso e mpe ea matla ea ba boholong.
Tšebeliso e ’ngoe e joalo e ne e ama Moahloli Martin T. Manton. Khale ka 1918 o ile a leka ho loantša boiteko ba Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng nakong eo, ba ho fumana beile bakeng sa J. F. Rutherford le bo-mphato oa hae ba bang ba supileng. Basebeletsi bana ba robeli ba Bakreste ba ne ba qositsoe ka ho kena-kenana le boiteko ba ntoa ’me ba romeloa chankaneng e khōlō ea Atlanta, Georgia. Lekhotla la maipiletso le neng le mametse nyeoe ea bona le ne le bōpiloe ka baahloli ba bararo ba akhang Manton. O ile a hana empa baahloli ba bang ba babeli ba lumella boipiletso, ’me kahlolo e sa lokelang ea lahloa.
Manton e ne e le moahloli oa mofuta ofe? Likoranta li ile tsa mo bitsa “ofisiri e phahameng haholo ea boahloli [United States] e hlahlamang Baahloli ba robong ba Lekhotla le Phahameng.” E ne e boetse e le e mong oa basebeletsi ba kereke ba hlokomelehang haholo, mopapa a mo entse “Lesole la Mohalaleli Gregory.” Ho oa hoa Manton ho tlile ha a tlosoa ’me a ahloloa lilemo tse peli chankaneng le molato oa R20 000. Ka eng? Ka ho rekisa liqeto tsa boahloli. Ho feta moo, o ne a ikhantša ka ho sokela ba hlahang ka pel’a hae, a ba tšosa ka hore haeba ba sa mo lefe chelete e ngata, o tla ba tsoa. The New York Times e itse ka eena: “Tšokelo e ne e hlaha ntlong ea lekhotla le Leholo.” Ke tšebeliso e mpe hakaakang ea matla a boahloli!
Lilemo hamorao nyeoe e ’ngoe e tsebisahalang ea hlaha, e ama Spiro Agnew, motlatsi oa presidente ea United States ka 1969-73. O ne a qositsoe ka ho qhekella ’muso ka lidolara tse likete, ’me ka hoo a itokolla mosebetsing. Ho tla fihlela morao tjena ka 1983, o lefile setereke sa Maryland chelete e fetang R500 000 ka lebaka la “litjotjo” tseo a neng a li amohetse.
Joale ho bile le Richard M. Nixon ea neng a khethile Agnew hore e be motlatsi oa presidente. Komiti ea Senate ea U.S. e neng e sebetsana le nyeoe ea Watergate ea buella hore Nixon a qosoe ka lintho tse tharo: hore o ne a sebelisitse matla a hae a bopresidente hampe; hore o ne a sitisitse toka le hore o ne a hlokomolohile lisamane. Mohlomong lea tseba hore o ile a itokolla mosebetsing ka la 9 Phato, 1974, ho sa setse lilemo tse peli e le presidente.
Tšebeliso e mpe joalo ea matla e lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, makasine oa Canada Maclean’s oa la 15 Phupu, 1985, o tlalehile ka “meketjana e hlaha ea ho kopanela liphate Parliament Hill . . . le lichelete tsa litefiso tse sa lumelloang ka molao.” Oa bolela hore moketjaneng o mong ofisiri e ka sehloohong ea ’muso e ile ea bolella mosali ea lilemo li 30: “Haeba u sa tsole, u ke ke ua fumana mosebetsi.”
Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, makasine ea machaba ea hatisa sehlooho “Tšenyeho e Liehisa Phetoho ea China.” Ea tlaleha: “Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng morao tjena, likoranta tsa ’muso li na le litlaleho tsa bolotsana ba lichelete, bo bong e le bo amang liofisiri tse ka sehloohong.”
Haufi haholo, New Zealand Herald, tlas’a sehlooho: “Seoa sa Tšenyeho ke Tšokelo e Khōlō ‘Naheng e Lehlohonolo,’” e ile ea tlaleha pono ea moahloli ea seng a phomotse mosebetsing: “Australia, bohareng ba bo-1980, e ruile, e na le tšepo ’me e senyehile.” Sehlooho sa bolela ka “tsamaiso ea toka eo selemong se fetileng e boneng moahloli oa lekhotla le phahameng haholo la naha a koalloa litlamong le eo hoo e ka bang tsatsi le leng le le leng e harolohang ka bopaki bo tšosang ba mapolesa a shebileng menyetla ea ho tlatlapa.”
Ho totobetse hore bohle ba joalo ba sebelisang matla hampe ba hlokomoloha motheo o boletsoeng ke Kreste: “Ha ho letho le koahetsoeng le sa tl’o ka le koaholloa; ’me ha ho letho le sephiring le sa tl’o ka le tsejoa.”—Mattheu 10:26.