Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Likopano Tsa “Baboloki ba Botšepehi” Philippines
LETOTO la 1985 la Likopano tse 23 tsa “Baboloki ba Botšepehi” tse ileng tsa tšoareloa Philippines e bile le atlehileng haholo ka litsela tsohle. Lenane le kopaneng la ba bileng teng la ba 213 734, keketseho ea karolo ea 27 lekholong ho ka holimo ho palo ea selemo se fetileng, le ne le feta palo-khōlō ea bahoeletsi naheng eo ka makhetlo a mabeli le halofo. Hona ho bontša hore ho na le batho ba bangata ba khahlehang ba eang likopanong. Hape, ba 2 223 ba ile ba kolobetsoa, keketseho ea 14,5 lekholong ho feta selemo se fetileng.
Tuguegarao, Cagayan, ho ne ho lebelletsoe hore ho tla ba le ba 12 000 kopanong eo, empa hoa tla ba 24 327! Setsi sa seea-le-moea se bile le puisano ea metsotso e 30 le baena, eo ho seng pelaelo hore e tlatselitse lenaneng lena le letle. Sebotsi sa botsa hore na re khona joang ho boloka khotso le taolo likopanong tsa rōna. Ho ile hoa hlalosoa hore litho tsohle tsa mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng li leka ho hlaolela litholoana tsa Bibele tsa lerato le khotso. Ka hona neng le neng ha re e-ba le likopano tse kang ena, ha ho na liqhoebeshano. Sebotsi se ile sa hlolloa ’me sa re: “Mokhatlo oa lōna ke o babatsehang hakaakang! Mekhatlo e meng e ke ke ea etsa hona. Neng le neng ha e e-ba le letšoele le kang lena, kamehla ho ba le liketsahalo tse mpe.”
Hona kopanong ena, motsamaisi Unifesithing ea Setereke sa Cagayan o ile a hlokomela: “E bile lenane le tšosang; baeti ba ne ba lauoe; ho ne ho e-na le kutloano har’a bona; ba bontšitse boinehelo bo feletseng tšebeletsong ena. Ho sa tsotellehe lenane le leholo la baeti, sebaka seo se ne se hloekile se le makhethe; ho ne ho e-na le taolo ’me ha hoa ba le liketsahalo tse sa rateheng, e leng ho pakang feela hore Lipaki li sebelisa ka bolumeli seo li ithutileng sona ka Mangolong.”
Mohlokomeli Lebaleng la Sehopotso la Rizal Manila o ile a hlalosa nakong ea kopano: “Ke khahloa ke tokisetso ea kopano ea lōna. Mokhatlo oa lōna o hlophisitsoe, ’me ke hona ke boneng mofuta ona oa taolo ea Lipaki hobane ke hona ke qalang ho bona kopano e kang ena.”
Kopanong e neng e le Motseng oa Calbayog, bahoeletsi ba 7 ba bile teng ba e-tsoa sehlopheng se kathōko, ’me ba tla le batho ba khahlehang ba 14. Le ananela tlhokahalo ea ho ba moketeng ona oa moea, lelapa le leng le tsoang Palawan le ile la sebelisa karolo ea 20 lekholong ea chelete ea lona eo le e amohelang ka selemo ho tla ba teng Motseng oa Puerto Princesa.
Baeti ba bangata ba tsoang Iinaheng lisele ba tla kopanong Manila, ’me karolo ea 80 lekholong ea bana e ne e le tšebeletsong eitseng ea nako e tletseng. E bile ho futhumatsang pelo ho bona kamoo baena ba ileng ba khothatsoa kateng ke tšoantšiso Bokamoso ba Hao—Ke Phephetso, e neng e sebetsana le tšebeletso ea nako e tletseng. Motseng oa Iloilo, batho ba bararo ba neng ba kentse letsoho boikoetlisong ba tšoantšiso ena ba ile ba susumelletseha hoo ba ileng ba romela likōpo tsa bopula-maliboho ba kamehla le pele kopano e qala. Motseng oa Ormoc, molula-setulo oa kopano o boletse hore hang kamor’a tšoantšiso eo, bahoeletsi ba tšeletseng ba ile ba kōpa lifomo tsa bopula-maliboho ba kamehla.
Ka sebele moea oa Jehova o susumelletsa batho ba hae hore ba ‘ithaope ka mafolo-folo’ mehleng ena ea qetello. (Pesaleme ea 110:3) Likopano tsa “Baboloki ba Botšepehi” Philippines li khothalitse baena le batho ba khahlehang moo haholo.