Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/1 leq. 32
  • “Mora oa ka ha a Mpha Motsotso oa Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mora oa ka ha a Mpha Motsotso oa Khotso”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/1 leq. 32

“Mora oa ka ha a Mpha Motsotso oa Khotso”

Ke se boletsoeng ke ntate e mong ha a fihla ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Peru moraonyana tjena. O hlalositse:

“Mora oa ka e monyenyane o ’nile a nkhathatsa ka libeke, a batla hore ke mo fumanele Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ha e sa le hoba bao a kenang sekolo le bona ba e fumane, mora oa ka ha a mpha motsotso oa khotso. Ka batlana le buka hohle. Ke ne ke sa tsebe hore na ke qale hokae. Ka botsa mabenkeleng a libuka empa ha ke’a e fumana.

“Ka tsebisa e mong eo ke sebetsang le eena ofising, ’me a mpolella hore ke lokela ho ea ho Lipaki tsa Jehova ’me ke tla e fumana. Ka re ho eena, ‘Chebo! E seng batho bano. Ba fihla mehla ena monyakong oa ntlo ea ka, ’me ke’a ba leleka.’ Empa a nkholisa hore batho bao ha ba babe joalo—ha e le hantle, o ne a bua ka mokhoa o hlomphehang ka lōna ’me a mpolella hore buka eo ke e batlang e molemo haholo. Ke mona he ke fihlile. Ke batla buka eo.”

Re nahana hore le uena u ka batla buka ena e ntle e nang le litšoantšo, e ngoliloeng ka mongolo o moholo. Litlaleho tsa eona tsa Bibele tse 116 li bea ’mali leseling ka seo Bibele e leng ka sona.

Ke kōpa hore le nthomelleng buka ena e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, poso e lefelletsoe, ’me ke kentse R4,50 bakeng sa eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela