Sehlabelo se Etsoang ka Bana—Hobane’ng se le Manyala Hakaalo?
“Ba hahile linģalo tse liphahameng tsa Tofethe, khohlong ea mor’a Hinnome, ho chesa bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ’me ha sea ka sa hlaha pelong ea ka.”—Jeremia 7:31.
MEHLENG ea marena a Juda Akaze le Manasse, sechaba sa Iseraele se ile sa oela lerabeng la borapeli bo hlephileng ba lichaba tse haelaneng le sona. Hona ho ne ho akarelletsa ho etsetsa Moloke sehlabelo ka bana ba bona. (2 Likronike 28:3; 33:6, 9) Le hoja hamorao Morena Josiase a ile a felisa litloaelo tse ngata tse “manyala,” “Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.” (2 Marena 23:10, 26) Hobane’ng? Ke eng e entseng phoso eo e ‘halefisang’ hakaalo hoo e neng e ke ke ea tšoareloa?
Jewish Encyclopedia ea Funk le Wagnalls e re: “Sehlabelo se etsoang ka bana e ne e le tšobotsi e ka sehloohong ea borapeli ba Malik-Baal-Kronos oa Phoenecia.” Qalong Maphoenecia a ne a ahile libakeng tse ka leboea tsa lebōpo Kanana. E le batho ba sebelisang leoatle, ba hloma likolone hohle Mediterranean ’me hohle moo ba neng ba e-ea teng ba ne ba isa tšebeletso eo ea bona e manyala ea sehlabelo se etsoang ka bana. Tšibollo ea lintho tsa khale morao tjena motse-moholong oa Phoenecia ea boholo-holo Carthage (oo hona joale o leng kathōko ho Tunis, Tunisia, Afrika Leboea) o bontšitse botebo ba ho hlepha hoa tloaelo ena.
Sebaka seo se sibollotsoe pele ka 1921. Empa ka lebaka la ho namela hoa motse-moholo oa hona joale sebakeng seo, ho ile ha epolloa ka matla ho tloha mathoasong a bo-1970. Mokoti oo oa bonahala e le setša se seholo seo ho sona ho neng ho patoa mesaletsa ea bana ba entsoeng sehlabelo. Pampiri ea litaba Biblical Archaeology Review e’a tlaleha:
“Mona ho tloha lekholong la borobeli la lilemo B.C. ho fihlela lekholong la bobeli la lilemo B.C. bo-’mè le bo-ntate ba Carthage ba ne ba pata masapo a bana ba bona ba neng ba entsoe sehlabelo ho molimo Ba’al Hammon le molimotsana Tanit. Ho ella lekholong la bone la lilemo B.C. mohlomong Tofethe [ho tloha Tofetheng ea Bibele] e ne e le boholo ba limithara tse 6 000 ka nģa tsohle, ka mekato e robong eo ho pateloang ho eona.”
Libaka tse tšoanang li sibolotsoe Sicily, Sardinia le libakeng tse ling Tunisia. Ka nako e ’ngoe, kaofela e ne e le likolone tsa Phoenecia. Setšeng sa bafu sa Carthage bafuputsi ba fumane majoe a mangata a matšoao a ngotsoeng lipalo tsa molimotsana Tanit, eo ho fumanoeng e ntse e le molimotsana oa Makanana Ashtarothe, kapa Astarte, mosali oa Baale. Tlas’a matšoao ao ho fumanoe linkho tsa matsopa, tse ling tsa tsona li khabisitsoe ka mebala e khanyang, tse tšetseng masapo a cheleng a ba neng ba entsoe sehlabelo.
E le ho bontša kamoo tloaelo ena e neng e pharaletse kateng, tlaleho e re: “Ha re lekanyetsa ka morumo oa linkho sebakeng seo re se epolotseng, re lekanyetsa hore linkho tse ka bang 20 000 ka bongata li ile tsa tseteloa moo pakeng tsa 400 le 200 B.C.” Palohali ena e nyarosa haholo ha motho a nahana hore nakong eo Carthage e neng e le bophahamong ba eona bo boholo, kakaretso ea batho ba eona, ho latela sehlooho sena, e ne e le feela 250 000.
Mengolo e majoeng a matšoao e bontša hore bana ba ne ba etsoa mahlabelo e le ho phethisa litšepiso tsa batsoali ba bona tseo ba li etselitseng Baale kapa Tanit ho fumana melemo e itseng. Litlotla le maemo tse matšoaong li bontša hore tloaelo ena e ne e hlile e tloaelehile sehlopheng sa ba phahameng, ka ho totobetseng e le ho fumana mahlohonolo ho melimo litekong tsa bona tsa ho finyella le ho boloka leruo la bona le tšusumetso ea bona. Linkho tse ling li fumanoe Ii tšetse mesaletsa ea bana ba babeli kapa ba bararo, bao ho bonahalang e le ba lelapa le le leng, ha ho hlahlobjoa phapang ea lilemo.
Haeba tloaelo ea Maphoenecia e’a nyarosa, joale hopola hore “Manasse [o ’nile] a khelosa ba-Juda joalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa lichaba tse neng li timelitsoe ke Jehova pel’a bana ba Iseraele.” (2 Likronike 33:9) Jehova o ne a sa feteletse ha a ne a re: “Ba tlatsitse nģalo ena ka mali a se nang molato.” (Jeremia 19:4) Ka nepo, sehlooho sa Review sea hlokomela: “Sehlopha se hōlang sa bopaki ba Iintho tsa khale tse sibolotsoeng le mengolo e majoeng, bo fanoeng ke Macarthage ka booona, bo bontša ka matla hore bangoli ba liketsahalo tsa khale le ba Bibele ba ne ba tseba seo ba neng ba bua ka sona.”
Kahoo, joalokaha Jehova a ‘timelitse’ “lichaba” tse rapelang litšoantšo tsa Makanana, ha a ka a qenehela Baiseraele ba sa tšepahaleng. Ba ile ba fumana se ba lokelang matsohong a Bababilona ka 607 B.C.E. Ka mokhoa o tšoanang, o tla boetse a ripitla bao kajeno, ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang, ba kentseng letsoho ho tšolleng mali a limillione tsa limillione tsa batho ka liketso tse manyala tseo joaloka lintoeng, bokebekoeng, lipolaong, ho ntšoeng hoa limpa.—Tšenolo 19:11-15.