Molemo oa Litšoantšo Tse Rutang
Hangata litšoantšo li sebetsa hamolemo ho feta lentsoe le ngotsoeng ho ruta maikutlo a bohlokoa. ’Mè e mong o hlalosa kamoo a ileng a tšelisoa ke setšoantšo se seng se joalo:
Litšoantšo tse sebetsang tse bukeng U ka Phela ka ho sa Peleng Paradeiseng Lefatšeng e bile tseo ke li ratang ka ho fetisisa ka lebaka la ho tšoanela ha tsona ho lebisa ka ho hlakileng ntlheng eo ho buisanoang ka eona.
“Leha ho le joalo, kananelo ea ka ea ho tenyetseha ha tsona e ile ea teba Sontaha se fetileng ha setho sa lelapa la rōna se ameha kotsing. Mora oa rōna e monyenyane, Aaron, o ile a robeha letsoho, ’me lingaka tsa hlalosa hore ho tla hlokahala hore a “tsubisoe” e le hore le lokisoe. Ha mora oa rōna a nkoa ka koloeana, ka utloa pelo ea ka e tetebela. Kamor’a nako, ka ’na ka tlala lipelaelo.
“Eaba ke hopola setšoantšo sa khaolo ea 11, leqepheng la 100. Moko-taba oa mantsoe a tlhaloso o re, ‘Joalokaha motsoali a lumella hore ngoana a utloe bohloko ke ho buuoa, Molimo le oona o na le mabaka a utloahalang a hore o lumelle hore batho ba utloe bohloko ka nakoana.’ Ha ke ntse ke thuisa mohopolo ona nako le nako, khotso ea Molimo ea lula ho ’na, ’me ka khona ho itšoara le ho itaola.”
Litšoantšo tse ntle tse fetang 150 tse rutang, boholo ba tsona li le ka mebala e metle, li fumanoa bukeng ena ea bohlokoa. Tlatsa ’me u romele setlankane se mona hammoho le R4,50, e be u amohela buka ea hao.
Ka kōpo, le lefelletse poso, romelang buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256, U ka Phela ka ho sa feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R4,50.