Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Likopano Tse Ikhethileng Tsa Argentina
“LIPAKI TSA JEHOVA li ithutile ho bokana ntle ho qhoebeshano kapa boitšoaro bo litšila, ntle ho koae kapa tahi, ntle ho ho tlōlisa nthong leha e le efe. Kantle ho pelaelo, ena ke thuto bakeng sa mokhatlo o kang oa rōna, oo ka molao o khetholloang e le oa Bok’hatholike, empa o na le bothata ba ho laola batho ba bangata mabaleng a bolo ntle ho liketsahalo tse bohloko tsa ho hlōleha ho laola leeme, ka linako tse ling li kotsi,” ho tlalehile makasine Flash Argentina. Tlhaloso ena e entsoe mabapi le e ’ngoe ea Likopano tse ’nè tsa “Baboloki ba Botšepehi” tsa Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Argentina ka Pherekhong 1986. Ka ’nete, lipelo tsa baena tsa thaba ha ba bona batho ba 97 736 ba tlile likopanong tsena tse ’nè. Ebile ntho e thabisang ho ba le baena ba bona ba ka bang 600 ho tsoa linaheng tse 19 le likontinenteng tse 5 ba bokane le bona. Hape, ba thaba ho tseba hore ho ba 97 736 ba tlileng, ba ka bang 40 000 ke batho ba bacha ba thabelang.—Pesaleme ea 122:1.
Likoranta tsa babatsa ba tlileng kopanong ka tlhophiso e ntle le boitšoaro ba bona bo botle. Koranta ea La Razon e hatisitse sehlooho se latelang mabapi le kopano ea Buenos Aires e neng e le Lebaleng la Lipapali la River Plate moo batho ba fetang 57 000 ba neng ba bokane: “Tsamaiso, bohloeki, le khutso e hlokomeloang e ne e le likarolo tse totobetseng . . . Ho ba teng ha ba tšepahalang ho bontšitse tlhophiso e phethahetseng . . . hangata tsamaiso ha e be teng ha batho ba le ba bangata.”
Koranta La Nacion e hlalositse ka kopano e neng e tšoaretsoe Rosario moo batho ba 15 000 ba bileng teng: “Ho sa tsotellehe batho ba neng ba memiloe ke Lipaki tsa Jehova, ha ho le lepolesa le le leng le neng le le teng, ’me tsamaiso e ne e le ntle.”
Baromuoa ba sebelisitse mekhoa eohle ea lipalangoang ho fihla likopanong tsena: lifofane, literene, libese, makoloi, le libaesekele. Libese tse fetang 870 le terene li ne li hiruoe ho nka baromuoa ho tloha Rio Negro Valley e ka boroa ho naha ho ba isa kopanong River Plate. Motho ea thabelang a palama baesekele ka matsatsi a mane, bohole ba lik’hilomethara tse 800, ho ea kopanong Córdoba.
Hobane’ng ha ba etsa boikhathatso bo bokaalo? Ke hobane Lipaki tsa Jehova li ameha haholo ka tlhoko ea tsona ea lintho tsa moea. (Mattheu 5:3, NW) Koranta Clarin e hlokometse: “Keletso, khothatso, e etsoang ka ho rata litlhahiso tsa Bibele, li ne li lateloa ka hloko ke banna le basali ba likete ba neng ba ngola lintlha ha lengolo la Bibele le qotsoa, ba phetla Mangolong a Halalelang.” La Voz del Interior ea Córdoba e hlokometse: “Kopano e hatisitse tlhokahalo ea ho ithuta kamoo ho ka phethahatsoang molao oa Molimo ka hloko, esitana le linthong tse kang botsoalle, ’mino, le boitlhopho.”
Ho bontša phello ea boitsebiso bo fanoeng, nakoana kamor’a kopano monna e mong a ngola: “Ho tloha letsatsing leo [la ho ba teng kopanong] ho ea pele, bophelo ba ka bo fetohile ka ho feletseng. Ke sebelisana hamolemo le litho tsa lelapa la ka. Ke sebetsa hamolemonyana. Ke thabile haholo ho tsebana le lōna, ho hlokomela hore batho ba molemo ba sale teng, batho ba thusang baahisani ba bona ka baka la lerato la Jesu. Basali ba apara ka bokhabane, ha ho ea tsubang kapa ho noa. Paradeise ea ’nete, e nang le batho ba bangata ba kopaneng le ba itšoarang joaloka lelapa le le leng le leholo.”
Litlhaloso tse joalo li re thusa ho ananela hore ke ka moea oa Jehova tsamaiso le lerato le joalo li ka bang teng.