Na u sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tse ngata tse fetileng tsa Molula-Qhooa? Bona hore na u ka hopola lintlha tse latelang:
◻ Ke ka kutloisiso efe Pauluse a neng a ka re ‘ha a na molato maling a batho bohle’? (Liketso 20:26, 27)
Ka ho hlakileng, bophelong ba hae Pauluse ha ho mohla a neng a kile a tšolla mali ntoeng, kapa hona ho ja mali. Leha ho le joalo, habohlokoahali, o ne a bontšitse thahasello e khōlōhali bophelong ba ba bang joalokaha bo emeloa ke mali a bona. O ne a amehile hore ha ho lea mong ea tla lahleheloa ke bophelo ba hae ka letsatsi la Molimo la kahlolo hobane a ne a hlōlehile ho ba pakela ka ho phethahetseng.—9/1, leqephe 27.
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea Jesu ea thabeng e bile e molemo hakaale?
Thuto ea Jesu ha ea ba molemo feela ka lebaka la seo e neng e se fupere moeeng empa hape ka lebaka la bonolo ba eona le ho hlaka ha eona.—9/15, leqephe 9.
◻ Ke eng e entseng hore keletso ea moapostola Pauluse e be e molemo hakaale?
Molemo oa eona o ne o lutse ntlheng ea hore bao e neng e tobisitsoe ho bona ba ne ba tseba hore Pauluse oa ba rata. Hape, o ne a itšetlehile ka bohlale ba bomolimo, e seng ka maikutlo a hae, ’me o ne a fana ka keletso ka moea o bonolo. (2 Timothea 3:16; Tite 3:1, 2)—9/15, maqephe 12, 13.
◻ Libatana tse ’nè tse bonoeng ke Daniele torong ea hae e tlalehiloeng ho Daniele 7 li ne li tšoantšetsa eng?
Li tšoantšetsa mebuso ea lefatše ho tloha mehleng ea Daniele ho ea pele ho fihlela ha ho hlongoa ’Muso oa Molimo. Ena e ne e le: Babilona, Medo-Persia, Greece le Roma le lehlomela la eona, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.—10/1, leqephe 7.
◻ Ke hobane’ng ha ho bolela Iitaba tse molemo tse buang ka ’Muso e le tsela e beang litholoana ea ho bontša ho rata moahelani oa motho?
Mosebetsi oa ho bolela o bea litholoana ka lebaka la hobane o thusa batho hore ba sebelise melao-metheo ea boitšoaro. Hona le hona ho ba nolofaletsa ho qoba mathata a mangata bophelong.—10/1, leqephe 23.
◻ Ke hobane’ng ha poleloana “Mor’a motho” e ne e loketse Jesu?
Ha Jesu a itšebelisetsa poleloana ena e ne e le motho, kahoo e le “Mor’a motho” ka sebele. Hape o tetse bophelo ba hae ho lopolla batho, kahoo a phetha karolo ea mong ka batho ea haufi-ufi—“Mor’a motho” kannete. (Mattheu 20:28; Ba-Heberu 2:11-17)—10/15, leqephe 6.
◻ Ke hobane’ng ha puisano e molemo pakeng tsa batsoali le bana e le ea bohlokoa hakaale?
Puisano e joalo e bōpa ho utloisisana le ho hlokomelana. Ha bana ba bontša ho ithaopela ho bua le ka litaba tsa bona tsa lekunutu, batsoali ba bona ba khona ho nkhella se ka lipelong tsa bona. Hape, bana ba qala ho bona hore boikutlo ba batsoali ba bona le litšusumetso tsa bona li batla li tšoana le tsa bona. Hona hohle ho tlatsetsa haholo lelapeng le thabileng le le momahaneng.—11/1, maqephe 18, 19.
◻ Mokreste a ka qoba mathata a mangata likamanong tsa khoebo joang?
Pele Mokreste a qalisa khoebo leha ele efe, o lokela ho hlahloba ka hloko se mo susumetsang. Keletso ea Bibele e ho Ba-Roma 14:19 e lokela ho hopoloa ka linako tsohle, ho ‘batla ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.’—11/15, leqephe 19.
◻ Melemo ea ho latela keletso e bululetsoeng ea ho nyala feela “Moreneng” ke efe? (1 Ba-Korinthe 7:39)
Balekane ba Bakreste ba ka khothatsana ho khahlanyetsa ka katleho liteko tse sa tšoaneng ’me kahoo ba lula ba tšepahala ho Molimo. Ba ka hanela likhatello tse sa tšoaneng tse ka fokolisang litlamo tsa lenyalo ba momahane. Boiteko ba bona ba ho sebeletsa Jehova le ba ho phela tumellanong le litsela tsa hae bo ka tlatsetsa lenyalong le atlehileng le hlomphang Jehova.—11/15, leqephe 26.
◻ Moapostola Pauluse o ile a fana ka tlhahiso efe e ntle phuthehong ea Korinthe mabapi le meneelo?
Pauluse o ile a ngola ho 1 Ba-Korinthe 16:2: “Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong oa lōna a bee kathōko . . . see a ka se bokellang.” Ho [etsa moneelo] kamehla ke sona senotlolo se ileng sa hatisoa, e seng hakaalo hore na ke bokae. Kajeno, molao-motheo o tšoanang o ka sebelisoa ke batho ba Jehova ho khahlanyetsa litšenyehelo tse hlokahalang tsa Holo ea ’Muso kapa ho etsa meneelo e meng ea lithahasello tsa ’Muso.—12/1, leqephe 30.