Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Baikhohomosi le Baikokobetsi
HOBA a bolele makhabane a Johanne Mokolobetsi, Jesu o retelehela ho baikhohomosi, ba se nang ’nete ba mo potolohileng. O re, “Moloko ona . . . o joale ka bana ba lutseng mapatlelong, ba hoanang le thaka tsa bona, ba re: Re le teetse phala, ’me ha lea ka la etsa chao; re le binetse mahlomola, ’me ha lea ka la lla.”
Jesu o bolela eng? Oa hlalosa: “Johanne o tlile a sa je, a sa noe, ’me ba re: O na le modemona. Mor’a motho eena o tlile a e-ja, a e-noa, ’me ba re: A le ke le boneng motho oa moji le oa monoi, molekane oa ba-lekhetho le oa baetsalibe.”
Ho thata ho khotsofatsa batho. Ha ho letho le ba khahlisang. Johanne o phetse bophelo bo thata ba ho itima sohle joaloka Monazare, tumellanong le polelo ea lengeloi ea hore “ha a ka ke a noa veine le seno se tahang.” Empa leha ho le joalo batho ba re o na le modemona. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o phela joaloka batho ba bang, a sa phele ka ho itima lintho ka thata, ’me o tsekisoa hore o feteletse.
Ho thata hakaakang ho thabisa batho! Ba tšoana le bana ba bapalang, bao ba bang ba hanang ho nka bohato ka chao ha bana ba bang ba ba teela phala kapa ba hana ho hlomoha ha metsoalle ea bona e lla. Leha ho le joalo, Jesu o re: “Empa bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona.” E, bopaki—mesebetsi—bo hlakisa hore liqoso tse khahlanong le Johanne le Jesu ke tsa bohata.
Bakeng sa thohako Jesu o tsoela pele ho qoolla metse ea Korazine le Bethsaida, le Kapernauma, moo a entseng boholo ba mesebetsi ea hae e matla teng. Hoja ebe o ne a e entse metseng ea Fonesia ea Tyre le Sidone, Jesu o re metse eo e ka be e bakile ka masela a mahoashe le ka molora. Ha a nyatsa Kapernauma, eo ho totobetseng hore e ne e le setsi nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o re: “Kotlo ea lefatše la Sodoma e tla ba chatsi ho ea hao ka tsatsi la kahlolo.”
Jesu o bolela eng ka see? Ka ho hlakileng o bontša hore, ka Letsatsi la Kahlolo ha baikhohomosi ba Kapernauma ba tsosoa, ba tla thatafalloa haholoanyane ho lumela liphoso tsa bona le ho amohela Kreste ho feta kamoo ho tla ba kateng bakeng sa batho ba Sodoma ea boholo-holo ba tsositsoeng hore ba bake ka boikokobetso ’me ba ithute ho loka.
Ho latelang Jesu o rorisa Ntat’ae oa leholimo pontšeng. O susumeletseha hore a etse joalo hobane Molimo o patela ba bohlale le ba masene linnete tsa bohlokoa tsa moea empa lintho tsena tse babatsehang o li senolela baikokobetsi, bao e kang bana.
Qetellong, Jesu o etsa memo ena e ipiletsang: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”
Jesu o khatholla joang? O ho etsa ka ho lokolla batho bohlankeng ba neano boo baeta-pele ba bolumeli ba ba imelitseng ka bona, ho akarelletsa, ka mohlala, litaelo tse boima tsa ho boloka Sabbatha. Hape, o supa tsela ea topollo ho ba ikutloang ba imetsoe ke moroalo oa ho busoa ke marena a lipolotiki le ba utloang moroalo oa libe tsa bona ka letsoalo le hlorileng. O senolela ba hlorileng joalo kamoo libe tsa bona li ka tšoareloang le kamoo ba ka thabelang kamano ea bohlokoa le Molimo.
Joko e bobebe eo Jesu a fanang ka eona ke ea boineelo bo feletseng ho Molimo, ho nolofalloa ke ho sebeletsa Ntate oa rōna ea qenehelang le ea mohau oa leholimo. ’Me joko e chatsi eo Jesu a fanang ka eona ho ba tlang ho eena ke ea ho utloa lintho tseo Molimo o li hlokang bakeng sa bophelo, litaelo tsa oona, tse seng boima ho hang. Mattheu 11:16-30; Luka 1:15; 7:31-35; 1 Johanne 5:3.
◆ Moloko oa Jesu o tšoana le bana joang?
◆ Sodoma e tla nolofalloa ho feta Kapernauma joang?
◆ Batho ba imelitsoe ka litsela life, ’me Jesu o fana ka topollo efe?