Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/1 leq. 3
  • Molimo—Na Ke Motho oa Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo—Na Ke Motho oa Sebele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo ke Motho oa Sebele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Molimo o Hohle?
    Tsoha!—2005
  • Kamoo Re Ka Tsebang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ha e le Hantle Molimo o Joang?
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/1 leq. 3

Molimo—Na Ke Motho oa Sebele?

“E TLAMEHILE hore e be Molimo o teng” ho phatlalalitse tokollo ea Daily Express ea la 14 Phato, 1981. Koranta eo e ne e tlaleha ka tšokoloho ea ho lumela ho Molimo e bonahalang e bile teng ho bo-ramahlale ba babeli ba tsebahalang. Ho kholiseha ha bona bocha ho hlahile kamor’a hore ba sibolle phapang e khōlō e teng mahlaleng a lipalo khahlanong le hore bophelo bo hlahile ka tšohanyetso. Leha ho le joalo, balumeli baa ba bacha ba ne ba bolela eng ha ba re “Molimo.” Daily Express e tlaleha hore: “Molimo KE bokahohle, kamoo ba bolelang.”

Haeba u lumela ho Molimo, uena u mo nka e le eng? Na le uena ka ho tšoanang u mo talima e le bohlale bo ke keng ba hlalosoa, matla a se nang boikutlo a teng hohle, “ntho e ’ngoe” e khōlō? Kapa u mo talima e le Motho ea ka hlalosoang le ea bohlale?

Ba bang ba ho fumana ho le thata ho nahana ka Molimo e le Motho. Ba ka ba ba ikutloa hore ho etsa joalo ho mo theolela boemong bo kang ba motho oa lefatše feela tjee—ho tšoana le setšoantšo sa bongoana sa monna-moholo ea apereng seaparo se selelele se nang le katiba le litelu tse telele tse tšoeu, a lutse holim’a leru. Kapa joalokaha Michelangelo, mokhabisong oa hae o tsebahalang marulelong a ntlo ea thapelo ea Sixtus—a ile a tšoantša Molimo le monna-moholo ea shahlileng, ea matla ea phaphametseng sebakeng.

Ke ’nete hore ha re utloa lentsoe “motho,” hoa itlisa hore re ka ’na ra nahana ka motho oa lefatše. Webster’s Third New International Dictionary, ka mohlala, e hlalosa “motho” e le “boleng ba motho oa lefatšeng.” Empa e boetse e hlalosa “motho” e le “boleng bo khetholloang ka kutloisiso e sebetsang, matla a ho nahana, le boikutlo ba boitlhompho.” Kahoo, ka nepo motho a ka nahana ka Molimo e le Motho, ntle le ho mo talima e le motho oa lefatše.

Empa ba bang ba ka ’na ba hanyetsa: ‘Leha ho le joalo, ho etsa phapang ea eng, hore na u talima Molimo e le matla feela a se nang boikutlo kapa e le Motho?’ Haeba Molimo e le matla feela, ‘ntho e ’ngoe’ e itseng, na hoo ha ho bolele hore bophelo ba batho ka ho tšoanang ke ntho feela e kang tšebetso ea mochine? Ka hona motho o ne a tla theoleloa boemong ba ho ba ‘ntho’ feela, sekoahelo mochineng o moholo. Empa haeba Molimo ke Motho ea bohlale, na hoo ho ne ho ke ke ha fa bophelo moelelo o moholoanyane? Ka sebele, ho ne ho tla bula monyetla oa ho ba le kamano le Molimo—kamano e seng pakeng tsa “lintho” tse peli, empa pakeng tsa motho le motho.

Ka ho hlakileng, kamano ea motho ho motho e mong le Molimo e ka ba e lakatsehang haholo. Empa tabeng ea pele, re tseba joang hore na Molimo ke Motho kapa che? ’Me, haeba ke eena, re ka ba le kamano e joalo joang? A re ke re boneng hore na Bibele e re’ng ka taba ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela